Lipesaleme 8:1-9
Ho motsamaisi oa Gitithe.* Pina ea Davida.
8 Jehova Morena oa rona, lebitso la hao le hlompheha haholo lefatšeng lohle.
U behile khanya ea hao ka holimo ho maholimo.*+
2 U bontša matla a hao ka mantsoe a tsoang ho bana le masea+E le hore sera sa hao se khopo le se u hanyetsangSe se ke sa khona ho bua letho.
3 Ha ke bona maholimo a hao, mesebetsi ea matsoho a hao,*Khoeli le linaleli tseo u li entseng,+
4 Motho ke’ng hore u ’ne u mo hopoleLe mora motho ke’ng hore u mo hlokomele?+
5 U mo entse ea tlasana ho mangeloi,*Oa mo fa khanya le ho hlompheha.
6 U mo file matla a ho laola lintho tseo u li bopileng.*+
U behile lintho tsohle tlas’a taolo ea hae:
7 Linku, lipoli le likhomo tsohleHammoho le liphoofolo tse hlaha,*+
8 Linonyana tse sepakapakeng le litlhapi tse leoatleng,Lintho tsohle tse phelang maoatleng.
9 Jehova Morena oa rona, lebitso la hao le hlompheha haholo lefatšeng lohle.

