Lipesaleme 22:1-31

  • O ne a nyahame joale o rorisa Molimo

    • “Molimo oa ka, u ntahletse’ng?” (1)

    • “Ba lahla lotho bakeng sa liaparo tsa ka” (18)

    • Ho rorisa Molimo har’a phutheho (22, 25)

    • Batho lefatšeng lohle ba tla rorisa Molimo (27)

Ho motsamaisi. E binoe ka molumo oa “Khama e Tšehali ea Meso.”* Pina ea Davida. 22  Molimo oa ka, Molimo oa ka, u ntahletse’ng?+ Ke hobane’ng ha u le hole, u sa mpholose,U sa utloe sello sa kaha ke utloile bohloko?+  2  Molimo oa ka, ke lula ke u bitsa motšehare empa ha u nkarabe.+ Le bosiu ha ke khone ho thola.  3  Leha ho le joalo, oa halalela,+U pota-potiloe ke* lithoriso tsa Iseraele.  4  Bo-ntate ba rona ba ile ba u tšepa.+ Ba u tšepa eaba oa ba pholosa.+  5  Ba ile ba llela ho uena eaba oa ba pholosa. Ba u tšepa ’me ha oa ka oa ba soetsa.*+  6  Empa ’na ha ke motho, ke seboko. Batho baa ’nyefola ebile ba ntlhoile.+  7  Batho bohle ba mponang baa ntšeha.+ Ba ncheba ka lenyatso ebile ba sisinya lihlooho ba re:+  8  “O tšepile Jehova. A ke a mo pholose. A ke a mo pholose hobane oa mo rata.”+  9  Ke uena ea entseng hore ke tsoe ka popelong ea ’Mè,+Ea entseng hore ke ikutloe ke sireletsehile matsoeleng a ’mè oa ka. 10  Haesale u ntlhokometse* ho tloha ha ke tsoaloa. Haesale u le Molimo oa ka ho tloha ha ke le ka popelong ea ’mè oa ka. 11  U se ke oa ba hole le ’na hobane mathata a haufi.+ Ha ke na motho e mong ea ka nthusang.+ 12  Lipohoana tse ngata li mpota-potile.+ Lipoho tse matla tsa Bashane li mpota-potile.+ 13  Lira tsa ka li ahlamisitse melomo li batla ho ntlhasela+Joaloka tau e purumang e harolang phofu ea eona hore e be likoto.+ 14  Ke tšolotsoe joaloka metsi,Masapo ’ohle a ka a tsoile manonyeletsong a ’ona. Pelo ea ka e qhibiliha joaloka mafura+Ka sefubeng sa ka.+ 15  Ha ke sa na matla joaloka leqhetsoana la sejana se pshatlehileng sa letsopa.+ Leleme la ka le khomaretse mareneneng.+ U ntheolela leroleng la lefu.+ 16  Lintja li mpota-potile.+ Li mpotolohile joaloka batho ba etsang lintho tse mpe,+Li matsohong a ka le maotong a ka joaloka tau.+ 17  Nka khona ho bala masapo a ka kaofela.+ Ba nchebile ebile ba ntonetse mahlo. 18  Ba arolelana liaparo tsa ka,Ba lahla lotho bakeng sa liaparo tsa ka.+ 19  Jehova, u se ke oa ba hole le ’na.+ Ke uena ea mphang matla, nthuse kapele.+ 20  Mpholose hore ke se ke ka bolaoa ka sabole,Pholosa bophelo ba ka ba bohlokoa* marong* a lintja.+ 21  Mpholose molomong oa tau+ le manakeng a lipoho tse hlaha. Nkarabe ’me u mpholose. 22  Ke tla bolella bana beso lebitso la hao.+ Ke tla u rorisa har’a phutheho.+ 23  Lona ba tšabang Jehova, mo roriseng. Lona litloholo* tsohle tsa Jakobo, mo tlotliseng.+ Le mo tšabe, lona litloholo* tsohle tsa Iseraele. 24  Ha a iphapanyetse mahlomola a ea hateletsoeng.+ Ha a mo patele sefahleho sa hae.+ Ha a ne a llela ho eena ho kopa thuso, o ile a mo utloa.+ 25  Ke tla u rorisa phuthehong e kholo.+ Ke tla phetha likano tsa ka ka pel’a ba mo tšabang. 26  Ba bonolo ba tla ja ba be ba khore.+ Ba batlang Jehova ba tla mo rorisa.+ E se eka le ka thabela bophelo* ka ho sa feleng. 27  Batho lefatšeng lohle ba tla hopola Jehova ba be ba khutlele ho eena. Malapa ’ohle a lichaba a tla khumama ka pel’a hao.+ 28  Borena ke ba Jehova.+ O busa lichaba. 29  Batho bohle ba atlehileng lefatšeng ba tla ja ’me ba mo inamele. Bohle ba khutlelang leroleng ba tla khumama ka pel’a hae. Ha ho na ea ka khonang ho boloka bophelo ba hae. 30  Litloholo* tsa bona li tla mo sebeletsa. Moloko o tlang o tla bolelloa ka Jehova. 31  Ba tla tla ’me ba bue ka liketso tsa hae tse lokileng. Ba tla bolella batho ba tla tsoaloa lintho tseo a li entseng.

Linaletsana

^ Ho ka etsahala hore e ne e le morethetho kapa mofuta o itseng oa ’mino.
^ Kapa: “U lutse har’a (holim’a).”
^ Kapa: “ha baa ka ba hlajoa ke lihlong.”
^ Ka Seheberu: “ke lahletsoe ho uena.”
^ Ka Seheberu: “bona bo le bong,” ha a bua ka bophelo ba hae.
^ Ka Seheberu: “matsohong.”
^ Ka Seheberu: “peo.”
^ Ka Seheberu: “peo.”
^ Ka Seheberu: “Lipelo tsa lona li ke li phele.”
^ Ka Seheberu: “Peo.”