Lipesaleme 105:1-45
-
Lintho tseo Jehova a li etsetsang batho ba hae ka botšepehi
105 Lebohang Jehova,+ bitsang lebitso la hae,Tsebahatsang mesebetsi ea hae lichabeng.+
2 Mo bineleng, mo bineleng lithoriso,Le nahanisise* ka liketso tsohle tsa hae tse hlollang.+
3 Ithoriseng ka lebitso la hae le halalelang.+
Lipelo tsa ba batlang Jehova li ke li thabe.+
4 Batlang Jehova+ le mo kope hore a le fe matla a hae.
Le mo kope kamehla hore a le thuse.
5 Hopolang lintho tse hlollang tseo a li entseng,Mehlolo ea hae le likahlolo tseo a faneng ka tsona,+
6 Lona bana* ba Abrahama mohlanka oa hae,+Lona bara ba Jakobo bao a ba khethileng.+
7 Ke Jehova Molimo oa rona.+
O ahlola lefatše lohle.+
8 O hopola selekane sa hae ka ho sa feleng,+Tšepiso eo a e entseng* ho meloko e sekete,+
9 Selekane seo a se entseng le Abrahama+Le kano eo a e entseng ho Isaka,+
10 Eo a faneng ka eona e le molao ho JakoboHape e le selekane se tla lula se le teng ho Iseraele,
11 A re, “Ke tla le fa naha ea Kanana+E le lefa leo le le abetsoeng.”+
12 Sena se etsahetse ha ba ne ba fokola ka palo,+Ba fokola haholo ka palo ’me e le balichaba naheng eo.+
13 Ba ne ba tsamaea ba tloha sechabeng se seng ho ea ho se seng,Ba tloha ’musong o mong ho ea ho batho ba bang.+
14 Ha aa ka a lumella motho leha e le ofe ho ba hatella+Empa o ile a khalemela marena ka lebaka la bona,+
15 A re, “Le se ke la thetsa batlotsuoa ba ka,Le se ke la etsa letho le lebe ho baprofeta ba ka.”+
16 O ile a etsa hore ho be le tlala lefatšeng.+
A felisa lijo* tsohle tsa bona.*
17 A romela motho hore a ee pele ho bonaE leng Josefa, ea ileng a rekisoa e le lekhoba.+
18 Ba ile ba tlama* maoto a hae ka liketane,+Molala oa hae ba o tlama ka litšepe.
19 Lintho tseo Jehova a li buileng li ile tsa etsa hore e be motho ea molemo,*+Ho fihlela se builoeng se phethahala.
20 Morena o ile a laela hore a lokolloe,+’Musi oa lichaba a mo lokolla.
21 A mo etsa mookameli oa ba ntlo ea hae,Le ’musi oa thepa eohle ea hae,+
22 Hore a laole* likhosana tsa hae ho ea kamoo a ratang katengLe hore a rute baholo ba hae hore ba be bohlale.+
23 Iseraele a tla Egepeta,+Jakobo a lula naheng ea Kama e le molichaba.
24 Molimo a atisa sechaba sa hae haholo.+
A etsa hore se be matla ho feta lira tsa sona.+
25 A tlohela lira tseo hore li hloee batho ba haeLe hore li qhekelle bahlanka ba hae.+
26 A romela Moshe mohlanka oa hae+Le Arone+ eo a neng a mo khethile.
27 Ba etsa lipontšo tsa Molimo har’a Baegepeta,Ba etsa le mehlolo ea hae naheng ea Kama.+
28 A romela lefifi ’me ha e-ba hotšo naheng.+
Ba ile ba mamela seo a se buileng.
29 A fetola metsi a bona mali,A bolaea litlhapi tsa bona.+
30 Naheng ea bona ha tlala linqanqane,+Tsa tlala le ka likamoreng tsa morena.
31 A romela liboba* le menoangHore li hlasele libaka tsohle tsa bona.+
32 A etsa hore pula ea bona e be sefako,A romela mahalima* naheng ea bona.+
33 A senya lifate tsa bona tsa morara le tsa lifeie,*A roba lifate tse naheng ea bona.
34 A laela litsie hore li hlasele naha,Litsie tse nyenyane tse se nang palo.+
35 Tsa ja limela tsohle tsa naha,Le lintho tsohle tseo ba li lemmeng.
36 A bolaea matsibolo ’ohle naheng ea bona+E leng bana ba bona ba pele.
37 A etsa hore sechaba sa hae se tsamaee ka silevera le khauta.+
Ha ho na ea ileng a khoptjoa melokong eohle ea hae.
38 Baegepeta ba thaba ha Baiseraele ba tsamaeaHobane ba ne ba ba tšaba.+
39 A romela leru hore le sireletse batho ba hae+Le mollo hore o ba khantšetse bosiu.+
40 Ha ba kopa nama, o ile a ba tlisetsa likoekoe.*+
A ’na a ba fa bohobe bo tsoang leholimong hore ba khotsofale.+
41 A bula lefika ’me metsi a phalla.+
A phalla lehoatateng joaloka noka.+
42 O ile a hopola tšepiso ea hae e halalelang, eo a ileng a e tšepisa mohlanka oa hae Abrahama.+
43 A ntša batho ba hae ba thabile,+A ntša batho ba hae bao a ba khethileng ba nyakaletse.
44 O ile a ba fa linaha tsa lichaba tse ling.+
Lintho tseo batho ba bang ba li sebelelitseng ka thata e ile ea e-ba lefa la bona+
45 Hore ba tle ba mamele litaelo tsa hae+Le hore ba mamele melao ea hae.
Rorisang Jah!*
Linaletsana
^ Kapa mohlomong: “Le bue ka.”
^ Kapa: “litloholo.” Ka Seheberu: “peo.”
^ Ka Seheberu: “Lentsoe leo a le laetseng.”
^ Kapa: “bohobe.”
^ Ka Seheberu: “A roba melamu eohle ea bohobe.” Mohlomong ho buuoa ka melamu e neng e sebelisetsoa ho fanyeha bohobe.
^ Ka Seheberu: “ba utloisa maoto a hae bohloko.”
^ Lentsoe la Seheberu le sebelisitsoeng mona le bua ka ho hloekisa tšepe ka ho e qhibilihisa.
^ Ka Seheberu: “Hore a tlame.”
^ Mofuta oa ntsintsi e lomang.
^ Kapa: “malakabe a mollo.”
^ Kapa: “lifeiga.”
^ Linonyana tse nyenyane tse tenya.
^ Kapa: “Halelujah!” “Jah” ke khutsufatso ea lebitso Jehova.

