Lipesaleme 20:1-9

  • Morena oa Molimo ea tlotsitsoeng oa pholosoa

    • Batho ba bang ba tšepile likariki tsa ntoa le lipere “empa rona re tšepile lebitso la Jehova” (7)

Ho motsamaisi. Pina ea Davida. 20  E se eka Jehova a ka u araba ha u le mahlomoleng. E se eka lebitso la Molimo oa Jakobo le ka u sireletsa.+   E se eka a ka u thusa a le sebakeng se halalelang,+A u tšehetse a le Sione.+   A ke a hopole linyehelo tsohle tsa hao. E se eka a ka amohela nyehelo ea hao ea secheso ka thabo.* (Selah)   E se eka a ka u fa lintho tseo u lakatsang ho ba le tsona+A be a atlehise merero eohle ea hao.   Re tla hoeletsa re thabile hobane oa re pholosa.+ Re tla phahamisa lifolakha tsa rona ho rorisa lebitso la Molimo oa rona.+ E se eka Jehova a ka u etsetsa lintho tsohle tseo u li kopang.   Joale kea tseba hore Jehova o pholosa motlotsuoa oa hae.+ O mo araba a le maholimong a hae a halalelangKa ho mo pholosa ka letsoho la hae le letona le matla.+   Batho ba bang ba tšepile likariki tsa ntoa, ba bang ba tšepile lipere+Empa rona re tšepile lebitso la Jehova Molimo oa rona.+   Ba putlame ebile ba oeleEmpa rona re phahame, re eme re tiile.+   Jehova, pholosa morena.+ Re arabe mohla re kopang thuso.+

Linaletsana

Ka Seheberu: “e le e nonneng.”