Lipesaleme 40:1-17

  • Ho leboha Molimo eo ho seng ea tšoanang le eena

    • Mesebetsi ea Molimo e mengata hoo e ke keng ea khona ho baloa (5)

    • Mahlabelo ha se a bohlokoa ka ho fetisisa ho Molimo (6)

    • “Ke thabela ho etsa thato ea hao” (8)

Ho motsamaisi. Pesaleme ea Davida. Pina. 40  Ke ile ka tšepa Jehova ka pelo ea ka eohle,*O ile a ’mamela* ’me a utloa sello sa ka ha ke kopa thuso.+  2  O ile a ’nyolla ka sekoting se kotsi,A etsa hore ke tsoe ka har’a seretseEaba o nkemisa holim’a lefika. A tsitsisa mehato ea ka.  3  Ka mor’a moo a nthuta pina e ncha,+Pina e rorisang Molimo oa rona. Ba bangata ba tla hlolloa ha ba bona senaEbe ba tšepa Jehova.  4  Ho thaba motho ea tšepang JehovaEa sa lateleng batho ba sa mameleng kapa ba leshano.  5  U entse lintho tse ngata hakaakangJehova Molimo oa ka,Mesebetsi ea hao ea hlolla ’me u nahanne lintho tse ngata tse re tsoelang molemo.+ Ha ho na motho ea ka bapisoang le uena.+ Haeba ke ne nka leka ho bua ka tsona,Li ne li tla ba ngata haholo hoo ke neng nke ke ka khona ho li bala.+  6  U ne u sa batle* nyehelo le sehlabelo+Empa u ile oa bula litsebe tsa ka hore li utloe.+ Ha oa ka oa kopa linyehelo tsa secheso le linyehelo tsa sebe.+  7  Ke ile ka re: “Bona, ke tlile. Ho ngotsoe ka ’na moqolong.*+  8  Ke thabela* ho etsa thato ea hao, Molimo oa ka,+Molao oa hao o ka pelong ea ka.+  9  Ke bolela litaba tse monate tsa toka phuthehong e kholo.+ Ha ke thibe molomo oa ka+Joalokaha u tseba seo hantle, Jehova. 10  Ka pelong ea ka ha ke pate taba ea hore u lokile. Ke bua ka botšepehi ba hao le poloko ea hao. Ha ke pate lerato* la hao le ’nete ea hao phuthehong e kholo.”+ 11  Jehova hle, u se ke oa hana ho nkutloela bohloko. E se eka u ka ntšireletsa kamehla hobane u lerato ebile oa tšepahala.+ 12  Litsietsi tse mpota-potileng li ngata hoo ke sa khoneng ho li bala.+ Liphoso tsa ka li ngata haholo hoo ke sa khoneng le ho bona moo ke eang.+ Li ngata le ho feta moriri o hloohong ea kaEbile ke nyahame. 13  Jehova, ke kopa u mpholose.+ Potlaka u tl’o nthusa Jehova.+ 14  Batho bohle ba batlang ho mpolaeaBa ke ba hlajoe ke lihlong ’me ba soabe. Ba thabelang litsietsi tsa kaBa ke ba khutlele morao ba tlotlolohile. 15  E se eka ba ntseng ba re ho ’na: “U laehile!”Ba ka soaba ka lebaka la ho tlotlolleha. 16  Empa ba u sebeletsang+Ba ke ba thabe le ho nyakalla ka lebaka la hao.+ E se eka ba ratang ho pholosoa ke uena ba ka re kamehla: “Jehova a ke a tlotlisoe.”+ 17  Ha ke khone ho iketsetsa letho ebile ke futsanehile. Jehova, e se eka u ka nkela hloko. U mothusi oa ka le mopholosi oa ka.+ Molimo oa ka, u se ke oa lieha.+

Linaletsana

^ Kapa: “ke ile ka leta ka mamello.”
^ Kapa: “a inamela tlase hore a ntšekehele tsebe.”
^ Kapa: “thabele.”
^ Ka Seheberu: “moqolong oa buka.”
^ Kapa: “batla.”
^ Kapa: “lerato le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso.