Lipesaleme 18:1-50
Ho motsamaisi. Pina eo Davida mohlanka oa Jehova a e binetseng Jehova letsatsing leo Jehova a ileng a mo pholosa matsohong a lira tsohle tsa hae le letsohong la Saule. O ile a re:+
18 Kea u rata, Jehova matla a ka.+
2 Jehova ke lefika la ka le sebaka sa ka se sireletsehileng ’me ke eena ea mpholosang.+
Molimo oa ka ke lefika la ka+ ’me ke tla balehela ho eena,Ke thebe ea ka le lenaka* la ka la poloko,* setšabelo sa ka se sireletsehileng.*+
3 Ke kopa thuso ho Jehova, ea tšoaneloang ke ho rorisoa’Me ke tla pholosoa ho lira tsa ka.+
4 Liropo tsa lefu li ne li nthatetse.+
Batho ba bangata ba khopo joaloka metsi a moroallo ba ile ba ntšosa.+
5 Liropo tsa Lebitla* li ile tsa mpota-pota.
Lefu le ne le nchehetse leraba.+
6 Ha ke le mathateng ke ile ka bitsa Jehova,Ka ’na ka llela ho Molimo oa ka ho kopa thuso.
O ile a utloa lentsoe la ka a le tempeleng ea hae,+A nkutloa ha ke lla ke kopa thuso.+
7 Lefatše la sisinyeha ’me la reketla.+
Metheo ea lithaba ea thothomelaLe ho tsukutleha hobane o ne a halefisitsoe.+
8 Mosi oa tsoa linkong tsa haeLe mollo o chesang oa tsoa molomong oa hae.+
Ho ne ho tsoa mashala a hlenneng ho eena.
9 A koba maholimo ha a theoha,+Lefifi le letšo-letšo le ne le le tlas’a maoto a hae.+
10 O ne a palame kerubime, a tla a fofa.+
A theoha ka potlako a le holim’a mapheo a lengeloi.*+
11 Ka mor’a moo, a ikoahela ka lefifi+E leng ka metsi a matšo le maru a matšo.+
A ne a mo pota-potile ka hohle joaloka tente.
12 Ho ile ha e-ba le khanya ka pel’a hae,Sefako le mashala a hlenneng a tsoa marung.
13 Jehova a luma a le leholimong.+
Ea Phahameng ka ho Fetisisa a etsa hore lentsoe la hae le utloahale+Ka sefako le mashala a hlenneng.
14 A betsa metsu ea hae eaba oa ba hasanya.+
A lahlela lehalima la hae ’me a ba ferekanya.+
15 Likotopo tsa metsi tsa bonahala.+
Jehova, ha u khalemela metheo ea lefatše ea senoleha.
E senoloa ke moea o matla o tsoang linkong tsa hao.+
16 O ile a otlolla letsoho la hae a le holimo.
A ntšoara ’me a nkhula metsing a tebileng.+
17 O ile a mpholosa ho sera sa ka se matla,+Ho ba ntlhoileng, ba neng ba le matla ho mpheta.+
18 Ba ile ba ntoantša ha ke e-na le mathata+Empa Jehova a ntšehetsa.
19 A ntlisa sebakeng se sireletsehileng.*
A mpholosa hobane ke ne ke mo khahlisa.+
20 Jehova oa mputsa hobane ke lokile.+
Oa mputsa hobane ha ke na molato.*+
21 Ke mamela melao ea Jehova kamehla.
Ha kea etsa lintho tse mpe ’me ka tlohela Molimo oa ka.
22 Ke lula ke hopola melao eohle ea hae.
Nke ke ka iphapanyetsa litaelo tsa hae.
23 Ke tla lula ke se na molato ka pel’a hae+Ebile ke tla qoba ho etsa phoso.+
24 E se eka Jehova a ka mputsa hobane ke lokile,+Ha ke na molato ka pel’a hae.+
25 O tšepahalla motho ea tšepahalang,+Ea se nang molato, o mo tšoara ka toka.+
26 Ha motho a le molemo o tla mo etsetsa se molemo+Empa o sebetsana le ea bolotsana ka bohlale.+
27 O pholosa ba maemong a tlase*+Empa o kokobetsa ba ikhohomosang.+
28 Ke uena ea khantšang lebone la ka, Jehova,U Molimo oa ka ea nkhantšetsang lefifing.+
29 Ka thuso ea hao nka hlola lebotho la masole,+Ka matla a Molimo nka tlola lerako.+
30 Lintho tsohle tseo Molimo oa ’nete a li etsang li phethahetse.+
Polelo ea Jehova e hloekile.+
Ke thebe ho bohle ba balehelang ho eena.+
31 Molimo ke mang ntle ho Jehova?+
Lefika ke mang ntle ho Molimo oa rona?+
32 Molimo oa ’nete ke eena ea mphang matla,+O tla otlolla tsela ea ka.+
33 O etsa hore maoto a ka a be joaloka a khama.
O nkemisa libakeng tse phahameng.+
34 O koetlisa matsoho a ka bakeng sa ntoa.
Matsoho a ka a ka koba seqha sa koporo.
35 U mpha thebe ea hao ea poloko,+Letsoho la hao le letona lea ntšehetsa,*Boikokobetso ba hao boa mphahamisa.+
36 U etsetsa mehato ea ka tsela e bulehileng.
Maoto* a ka a ke ke a thella.+
37 Ke tla lelekisa lira tsa ka ’me ke li tšoare.
Nke ke ka khutla ho fihlela li felisitsoe.
38 Ke tla li silakanya e le hore li se ke tsa khona ho tsoha.+
Li tla oela tlas’a maoto a ka.
39 U tla etsa hore ke be le matla bakeng sa ntoa.
U tla etsa hore lira tsa ka li oele ka tlas’a ka.+
40 U tla etsa hore lira tsa ka li mpalehe,Ke tla felisa* ba ntlhoileng.+
41 Baa lla ba kopa thuso empa ha ho na motho ea ba pholosang.
Ba llela le ho Jehova empa ha a ba arabe.
42 Ke tla ba tula hore ba silehe joaloka lerole le fefoloang ke moea.
Ke tla ba lahlela ka ntle joaloka seretse literateng.
43 U tla mpholosa ho batho ba tšoaeang liphoso.+
U tla nketsa hlooho ea lichaba.+
Batho bao ke neng ke sa ba tsebe ba tla ntšebeletsa.+
44 Ha ba utloela ka ’na ba tla ’mamela.
Balichaba ba tla ikokobetsa ka pel’a ka.+
45 Balichaba ba tla nyahama.
Ba tla tsoa ba thothomela libakeng tsa bona tse sireletsehileng.
46 Jehova oa phela. Ho rorisoe Lefika la ka.+
Ho ke ho phahamisoe Molimo oa poloko ea ka.+
47 Molimo oa ’nete o iphetetsa bakeng sa ka.+
O etsa hore batho ba be tlas’a ka.
48 O mpholosa ho lira tsa ka tse halefileng.
O mphahamisetsa holimo, hole le ba ntlhaselang.+
O mpholosa ho motho ea ratang ho loana.
49 Jehova, ke ka lebaka leo ke tla u rorisa har’a lichaba.+
Ke tla binela lebitso la hao lipina tsa thoriso.+
50 O etsa liketso tse kholo tsa poloko bakeng sa morena oa hae.+
O bontša hore o rata* motlotsuoa oa hae+E leng Davida le bana* ba hae ka ho sa feleng.+
Linaletsana
^ Kapa: “mopholosi oa ka ea matla.”
^ Kapa: “sebaka se phahameng se sireletsehileng.”
^ Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.
^ Ka Seheberu: “mapheo a moea.”
^ Kapa: “sebakeng se seholo.”
^ Ka Seheberu: “ke hloekile.”
^ Kapa: “ba hlophehileng.”
^ Kapa: “ ’matlafatsa.”
^ Kapa: “Maqaqailana.”
^ Ka Seheberu: “khutsisa.”
^ Kapa: “O bontša lerato le tšepahalang ho.” Sheba Tlhaloso.
^ Ka Seheberu: “peo.”

