Lipesaleme 25:1-22

  • Thapelo ea ho kopa tataiso le tšoarelo

    • “Nthute litsela tsa hao” (4)

    • “Jehova ke motsoalle” (14)

    • “O tšoarele libe tsohle tsa ka” (18)

Pesaleme ea Davida. א [Aleph] 25  Ke tla ho uena, Jehova. ב [Beth]   Molimo oa ka, ke tšepile uena.+ U se ke oa lumella hore ke hlajoe ke lihlong.+ U se ke oa lumella lira tsa ka hore li thabe ka lebaka la matšoenyeho a ka.+ ג [Gimel]   Batho bohle ba u tšepileng ba ke ke ba hlajoa ke lihlong+Empa ba rerelang ba bang bolotsana ke bona ba tla hlajoa ke lihlong.+ ד [Daleth]   Ntsebise litsela tsa hao, Jehova.+ Nthute litsela tsa hao.+ ה [He]   Ntsamaise tseleng ea hao ea ’nete ’me u nthute+Hobane u Molimo oa ka ea mpholosang. ו [Waw] Ke tšepile uena kamehla. ז [Zayin]   Jehova, hopola mohau oa hao le lerato la hao,+Tseo esale u li bontša batho ba hao.*+ ח [Heth]   U se ke oa hopola libe tsa bocheng ba ka le liphoso tsa ka. U nkhopole ka lebaka la lerato* la hao,+Ka lebaka la molemo oa hao hle Jehova.+ ט [Teth]   Jehova o molemo ebile o lokile.+ Ke ka lebaka leo a rutang baetsalibe hore na ba phele joang.+ י [Yod]   O tla tataisa ba bonolo hore ba etse se lokileng,+A rute ba bonolo tsela ea hae.+ כ [Kaph] 10  Litsela tsohle tsa Jehova li bontša hore o lerato* ebile o tšepahallaBa bolokang selekane+ sa hae le likhopotso tsa hae.+ ל [Lamed] 11  Ka lebaka la lebitso la hao hle Jehova,+Tšoarela phoso ea ka le hoja e le kholo. מ [Mem] 12  Ke mang ea tšabang Jehova?+ O tla mo rupela hore a tsebe tsela eo a lokelang ho e khetha.+ נ [Nun] 13  O tla ba le lintho tse molemo,+Litloholo* tsa hae li tla lula lefatšeng.+ ס [Samekh] 14  Jehova ke motsoalle oa ba mo tšabang,+O ba tsebisa selekane sa hae.+ ע [Ayin] 15  Ke lula ke tšepile Jehova hore a nthuse.+ O tla tšoasolla maoto a ka lerabeng.*+ פ [Pe] 16  Nchebe ’me u nkhauheleHobane ke mong ebile ha ho na ea nthusang. צ [Tsade] 17  Lintho tse tšoenyang pelo ea ka li eketsehile.+ Ntokolle mahlomoleng a ka. ר [Resh] 18  Bona ho hlopheha ha ka le mathata a ka,+U tšoarele libe tsohle tsa ka.+ 19  Bona kamoo lira tsa ka li leng ngata kateng. Li ntlhoile hoo li batlang ho ntematsa. ש [Shin] 20  Lebela bophelo ba ka ’me u mpholose.+ U se ke oa ntlohela hore ke hlajoe ke lihlong hobane ke balehetse ho uena. ת [Taw] 21  E se eka nka sireletsoa hobane kea tšepahala ebile ke etsa lintho tse lokileng.+ Ke tšepile uena.+ 22  Molimo oa ka, pholosa Iseraele mahlomoleng ’ohle a hae.

Linaletsana

Kapa: “ho tloha mehleng ea khale.”
Kapa: “lerato le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “o na le lerato le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “peo.”
Ka Seheberu: “letlooeng.”