Lipesaleme 77:1-20

  • Thapelo linakong tsa matšoenyeho

    • Ho nahanisisa ka mesebetsi ea Molimo (11, 12)

    • ‘Molimo, ke mang e moholo joaloka uena?’ (13)

Ho motsamaisi oa Jeduthune.* Pesaleme ea Asafe.+ Pina. 77  Ke tla hoeletsa Molimo ka lentsoe la ka. Ke tla hoeletsa Molimo ’me o tla nkutloa.+   Ha ke le matšoenyehong ke batla thuso ho Jehova.+ Ke otlollela matsoho a ka ho eena bosiu ke sa khaotse. Ha ke tšelisehe.   Ha ke hopola mesebetsi ea Molimo, kea mo hloloheloa.+ Ke khathatsehile ebile ke felloa ke matla.+ (Selah)   U etsa hore ke lule ke butse mahlo. Ke tšoenyehile ebile ha ke khone ho bua.   Ke nahanne ka matsatsi a khale,+Ka lilemo tsa khale haholo.   Bosiu ke hopola pina ea ka.*+ Kea nahanisisa.+ Kea batlisisa.   Na Jehova o tla re lahla ka ho sa feleng?+ Na a ke ke a hlola a re hauhela?+   Na lerato la hae le felile ka ho sa feleng? Na ha ho na moloko o tla bona ha tšepiso ea hae e phethahala?   Na Molimo o lebetse ho ba mohau?+ Na bohale ba hae bo entse hore mohau oa hae o fele? (Selah) 10  Na ke tla lula ke ntse ke re: “Ena ke eona ntho e ntšoenyang:*+ Ea Phahameng ka ho Fetisisa o re fetohetse”? 11  Ke tla hopola mesebetsi ea Jah. Ke tla hopola liketso tsa hao tse hlollang tseo u ileng oa li etsa khale. 12  Ke tla nahanisisa ka mesebetsi eohle ea haoKe be ke nahanisise ka lintho tseo u li etsang.+ 13  Molimo, litsela tsa hao lia halalela. Molimo, ke molimo ofe e moholo joaloka uena?+ 14  U Molimo oa ’nete, ea etsang lintho tse hlollang.+ U bontšitse batho matla a hao.+ 15  U pholositse* batho ba hao ka matla* a hao,+Bara ba Jakobo le ba Josefa. (Selah) 16  Molimo, metsi a u bone. Metsi a u bone eaba aa ferekana.+ Metsi a tebileng a ile a tsukutleha. 17  Maru a nesitse pula. Maholimo a thoathoaretsa,Lehalima la hao la phatsima hohle joaloka metsu.+ 18  Molumo oa sealuma+ sa hao o ne o le joaloka mabili a koloi ea ntoa. Ho benya ha lehalima ho ile ha khantša lefatše.+ Lefatše le ile la tsukutleha le ho reketla.+ 19  Tsela ea hao e ne e feta leoatleng,+E feta metsing a mangata. Empa mehato ea hao e ne e sa bonahale. 20  U ile oa etella batho ba hao pele joaloka mohlape,+O sebelisa* Moshe le Arone.+

Linaletsana

Kapa: “pina ea ka ea seletsa se likhoele.”
Kapa: “ntlhabang.”
Ka Seheberu: “lopolotse.”
Ka Seheberu: “letsoho.”
Ka Seheberu: “Ka letsoho la.”