Lipesaleme 35:1-28
Pesaleme ea Davida.
35 Jehova, buella nyeoe ea ka ho ba nkhanyetsang.+
U loantše ba ntoantšang.+
2 Nka thebe ea hao e nyenyane* le e kholo,+U eme ’me u ntoanele.+
3 Phahamisa lerumo la hao le selepe* sa hao, u loantše ba ntelekisang.+
E re ho ’na: “Ke ’na ea u pholosang.”+
4 E se eka ba tsomang bophelo ba ka ba ka hlajoa ke lihlong ’me ba tlotlolleha.+
E se eka ba rerang ho mpolaea ba ka khutla ba soabile.
5 E se eka ba ka ba joaloka ’moko o fefoloang ke moea.
Lengeloi la Jehova le ba leleke.+
6 Tsela ea bona e be lefifi e be e thelleHa lengeloi la Jehova le ntse le ba lelekisa.
7 Ba nchehetse leraba* hore le ntšoase ntle ho lebaka.
Ba ncheketse sekoti ntle ho lebaka.
8 E se eka ba ka hlaheloa ke tsietsi ba sa lebella.
E se eka leraba leo ba le patileng le ka ba tšoasa.
Ba oele ka har’a lona ’me ba shoe.+
9 Ke tla thaba ka lebaka la Jehova.
Ke tla thaba hobane o mpholositse.
10 Ke tla bua ho tsoa pelong ke re:
“Jehova, ke mang ea joaloka uena?
U pholosa ba sa khoneng ho itšireletsa ho ba matla,+U pholosa ba sa khoneng ho itšireletsa le ba futsanehileng ho ba ba nkelang lintho tsa bona.”+
11 Batho ba khopo baa nqosa,+Ba mpotsa lintho tseo ke sa li tsebeng.
12 Ha ke ba etsa hantle, ba nketsa hampe,+Ba etsa hore ke utloe bohloko joaloka motho ea shoetsoeng.
13 Ha ba kula, ke ile ka apara lesela le hoashang.*
Ka itšotla ka ho itima lijoLeha thapelo ea ka e ne e sa arabeloa,*
14 Ke ile ka tsamaea joalokaha eka ke hlokahalletsoe ke motsoalle kapa ngoan’eso.
Ka inama ke hlorile joaloka motho ea hlokahalletsoeng ke ’Mè.
15 Ha ke khoptjoa, ba ile ba thaba ’me ba bokana.
Ba ikopanya hore ba ntlhasele ke sa lebella.
Ba nkhaola likoto ’me ha baa ka ba thola.
16 Ba sa lumeleng ho Molimo baa ’nyatsa ebile baa ntšoma,*Ba ntsikitlanyetsa meno hobane ba nkhalefetse.+
17 Jehova, u tla ’ne u shebe feela ho fihlela neng?+
Mpholose ha ba ntlhasela,+Pholosa bophelo ba ka ba bohlokoa* ha ba ntlhasela joaloka litaoana.+
18 Ke tla u leboha phuthehong e kholo.+
Ke tla u rorisa har’a batho ba bangata.
19 U se ke oa lumella hore bao e leng lira tsa ka ntle ho lebaka, ba thabe ka lebaka la matšoenyeho a ka.
U se ke oa lumella hore ba ntlhoileng ntle ho lebaka+ ba ntšome+
20 Kaha ha ba bue ka khotsoEmpa ba qhekanyetsa batho ba nang le khotso lefatšeng.+
21 Ba ahlamisa melomo hore ba nqose,Ba re: “Eke! Eke! Re u bone ka mahlo a rona.”
22 Jehova, u bone sena. U se ke oa thola feela.+
Jehova, u se ke oa ba hole le ’na.+
23 Ema u mpuelle,Jehova Molimo oa ka, mpuelle nyeoeng ea ka.
24 Nkahlole ho ea ka melao ea hao e lokileng,+ Jehova Molimo oa ka.
U se ke oa ba lumella hore ba thabe ka lebaka la litsietsi tsa ka.
25 E se eka ba ke ke ba re ka lipelong tsa bona: “Eke! Re fumane ntho eo re neng re e batla.”
E se eka ba ke ke ba re: “Re qetile ka eena.”+
26 Bohle ba thabelang matšoenyeho a ka,Ba ke ba hlajoe ke lihlong ’me ba soabe.
E se eka ba ikhohomosetsang ’na ba ka hlajoa ke lihlong ’me ba tlotlollehe.
27 Empa ba thabelang liketso tsa ka tse lokileng ba ke ba hoeletse ba thabile.
Ba re kamehla:
“Ho ke ho tlotlisoe Jehova, ea thabang ha mohlanka oa hae a e-na le khotso.”+
28 Leleme la ka le tla bua* ka liketso tsa hao tse lokileng+Le be le u rorise letsatsi lohle.+
Linaletsana
^ Hangata li ne li tšoaroa ke batho ba betsang metsu.
^ Kapa: “selepe se rathang ka nģa tse peli.”
^ Kapa: “letlooa.”
^ Kapa: “e ne e khutlela sefubeng sa ka.”
^ Kapa mohlomong: “Ba sa lumeleng ho Molimo baa ntšoma ka lebaka la sengoathoana sa bohobe.”
^ Ka Seheberu: “bona bo le bong,” ha a bua ka bophelo ba hae.
^ Kapa: “nahanisisa.”

