Lipesaleme 64:1-10

  • Ho sireletsoa litlhaselong tse patehileng

    • “Molimo o tla ba hlaba” (7)

Ho motsamaisi. Pina ea Davida. 64  Ke tšoenyehile hle Molimo, ke kopa u nkutloe.+ Sireletsa bophelo ba ka ha sera se ntlhasela.  2  Ntšireletse mererong e patehileng ea ba khopo+Le ho bongata bo etsang lintho tse mpe.  3  Ba leotsa maleme a bona joaloka sabole. Ba itokisetsa ho lahlela mantsoe a bohloko joaloka metsu  4  Hore ba hlabe ea se nang molato ba le moo ba ipatileng teng. Ba mo hlaba a sa lebella, ba sa tšabe letho.  5  Ba khomarela merero ea bona e khopo.* Ba buisana ka hore na ba pate maraba a bona joang. Ba re: “Ha ho na motho ea tla a bona.”+  6  Ba batlana le litsela tse ncha tsa ho etsa lintho tse mpe. Ba loha maqheka ka bohlale ba ipatile.+ Lintho tseo ba li nahanang li tebile.  7  Empa Molimo o tla ba hlaba.+ Ba tla lematsoa ke motsu ka tšohanyetso.  8  Lintho tseo ba li buang li tla etsa hore ba felisoe.+ Bohle ba ba shebileng ba tla sisinya lihlooho.  9  Batho bohle ba tla tšoha,Ba tla phatlalatsa lintho tseo Molimo a li entsengEbile ba tla utloisisa liketso tsa hae.+ 10  Ea lokileng o tla thaba ka lebaka la Jehova ’me a balehele ho eena.+ Batho bohle ba lipelo li lokileng ba tla thaba.*

Linaletsana

^ Kapa: “Ba hlohlelletsana hore ba etse lintho tse mpe.”
^ Kapa: “ithorisa.”