Lipesaleme 51:1-19
Ho motsamaisi. Pina ea Davida ha moprofeta Nathane a ne a tlile ho eena ka mor’a hore Davida a robale le Bathe-sheba.+
51 Nkhauhele hle Molimo hobane u na le lerato.+
Hlakola melato ea ka hobane u mohau haholo.+
2 Ntlhatsoisise phoso ea ka,+U ntlhoekise sebe sa ka.+
3 Ke tseba melato ea ka hantleEbile ke lula ke nahana ka sebe sa ka.*+
4 Ke sitetsoe uena ho feta batho bohle.*+
Ke entse lintho tse mpe mahlong a hao.+
Kahoo, u nepile ha u bua,Kahlolo ea hao e nepahetse.+
5 Ke tsoetsoe ke e-na le sebe,Ke bile le sebe ho tloha ha ke le ka popelong ea ’mè oa ka.+
6 U khahloa ke motho ea buang ’nete ka pelong ea hae.+
Ruta pelo ea ka bohlale ba ’nete.
7 Ntlhoekise, u tlose sebe sa ka ka hisopa e le hore ke hloeke.+
Ntlhatsoe hore ke be mosoeu ho feta lehloa.+
8 Ntumelle hore ke utloe melumo ea thabo le nyakalloE le hore ke tle ke thabe le hoja u silakantse masapo a ka.+
9 U se ke oa sheba libe tsa ka,*+U hlakole liphoso tsohle tsa ka.+
10 Molimo, hloekisa pelo ea ka,+U fetole tsela eo ke nahanang ka eona+ e le hore nka tšepahala.
11 U se ke oa nteleka ka pel’a hao.
U se ke oa tlosa moea oa hao o halalelang ho ’na.
12 Khutlisa thabo eo ke neng ke e-na le eona ha u mpholosa.+
Etsa hore ke batle ho u mamela.
13 Ke tla ruta ba tlolang molao litsela tsa hao+E le hore baetsalibe ba ka khutlela ho uena.
14 Molimo, mpholose hore ke se ke ka e-ba le molato oa mali,+ Molimo oa ka ea mpholosang+E le hore nka bua ka toka ea hao ke thabile.+
15 Jehova hle, nthuse hore ke bueE le hore ke u rorise.+
16 Ha u batle sehlabelo, ho seng joalo ke ne ke tla u fa sona.+
Ha u khahlisoe ke nyehelo e feletseng ea secheso.+
17 Mahlabelo a khahlisang Molimo ke ha motho a hlomohile.
Molimo, u ke ke oa iphapanyetsa* pelo e utloileng bohloko le e sithabetseng.+
18 Etsetsa Sione se molemo.
Haha marako a Jerusalema.
19 Kahoo, u tla thabela mahlabelo a ho loka,Mahlabelo a secheso le linyehelo tse feletseng.
Lipoho li tla nyeheloa aletareng ea hao.+

