Lipesaleme 91:1-16

  • Ho sireletsoa sebakeng se patehileng sa Molimo

    • Ho pholosoa ho ea tšoasang linonyana (3)

    • Ho balehela tlas’a mapheo a Molimo (4)

    • Ho sireletsoa leha ba likete ba oa (7)

    • Mangeloi a romeloa hore a lebele (11)

91  Mang kapa mang ea lulang sebakeng se patehileng sa Ea Phahameng ka ho Fetisisa+O tla lula tlas’a moriti oa Ea Matla Ohle.+   Ke tla re ho Jehova: “U setšabelo sa ka le sebaka sa ka se sireletsehileng,+Molimo oa ka eo ke mo tšepileng.”+   O tla u pholosa lerabeng la ea tšoasang linonyana,A u sireletse lefung la seoa.   O tla u koahela ka mapheo a hae,*U tla balehela tlas’a mapheo a hae.+ Botšepehi ba hae+ e tla ba thebe e kholo+ le lerako le sireletsang.   U ke ke oa tšoha lintho tse tšosang bosiu+Kapa motsu o fofang motšehare+   Kapa lefu la seoa le hlaselang bosiuKapa koluoa e bakang tšenyo motšehare.   Batho ba sekete ba tla oa ka lehlakoreng la hao,Ba likete tse leshome ba oe ka letsohong la hao le letonaEmpa uena lintho tsena li ke ke tsa u etsahalla.+   U tla li bona feela ka mahloHa u bona ba khopo ba fuoa kotlo.   Kaha u itse: “Jehova ke setšabelo sa ka,”U entse Ea Phahameng ka ho Fetisisa sebaka sa hao sa bolulo.*+ 10  Ha ho na tlokotsi e tla u hlahela+Ebile ha ho na ntho e mpe e tla atamela tenteng ea hao. 11  Molimo o tla romela mangeloi+ a hae ho uenaHore a u lebele litseleng tsohle tsa hao.+ 12  A tla u jara ka matsoho+E le hore leoto la hao le se ke la khoptjoa ke lejoe.+ 13  U tla hata taoana le noha ea masumu. U tla hatakela tau e matla le noha e kholo.+ 14  Molimo o itse: “Ke tla mo pholosa hobane oa nthata.+ Ke tla mo sireletsa hobane o tseba lebitso la ka.+ 15  O tla mpitsa ’me ke tla mo araba.+ Ke tla ba le eena ha a le mahlomoleng.+ Ke tla mo pholosa ke be ke mo tlotlise. 16  Ke tla mo hlohonolofatsa ka bophelo bo bolelele,+Ke mo bontše kamoo ke tla mo pholosa kateng.”+

Linaletsana

Kapa: “O tla thibela hore u se ke oa atameloa.”
Kapa mohlomong: “sebaka se sireletsehileng.”