Lipesaleme 78:1-72

  • Lerato la Molimo le Baiseraele ba se nang tumelo

    • Bolella moloko o tlang (2-8)

    • “Ba ne ba sa lumele ho Molimo” (22)

    • “Lijo tsa leholimo” (24)

    • “Ba utloisa Mohalaleli oa Iseraele bohloko” (41)

    • Ho tloha Egepeta ho ea Naheng e Tšepisitsoeng (43-55)

    • “Ba ’na ba leka Molimo” (56)

Maskile.* Pesaleme ea Asafe.+ 78  Lona batho ba ka, mamelang molao* oa ka. Mamelang mantsoe a tsoang molomong oa ka.   Ke tla bua maele ka molomo oa ka. Ke tla bua lilotho tsa khale.+   Lintho tseo re li utloileng le tseo re li tsebang,Tseo bo-ntate ba rona ba ileng ba re phetela tsona,+   Re ke ke ra li patela bara ba bona. Re tla bolella moloko o tlang+Ka liketso tsa Jehova tse tšoaneloang ke thoriso le ka matla a hae,+Lintho tse hlollang tseo a li entseng.+   O file Jakobo taelo,*A fana ka molao Iseraele. A laela baholo-holo ba ronaHore ba bolelle bana ba bona ka lintho tsena+   E le hore moloko o tlang,Bana ba e-s’o tsoaloe, ba ka li tseba.+ Le bona ba tle ba li bolelle bana ba bona.+   Bana bao ba tla tšepa Molimo. Ba ke ke ba lebala mesebetsi ea Molimo+Empa ba tla mamela litaelo tsa hae.+   Ba ke ke ba tšoana le baholo-holo ba bonaE leng moloko o manganga le o tletseng borabele,+Moloko o neng o lula o fetola maikutlo a oona*+Le o neng o sa tšepahalle Molimo.   Baefraime ba ne ba tšoere seqhaEmpa ba ile ba baleha ka letsatsi la ntoa. 10  Ha baa ka ba tšepahalla selekane sa Molimo+Ebile ba ile ba hana ho mamela molao oa hae.+ 11  Hape ba ile ba lebala lintho tseo a li entseng,+Mesebetsi ea hae e hlollang eo a ba bontšitseng eona.+ 12  O entse lintho tse hlollang baholo-holo ba bona ba ntse ba shebile,+Naheng ea Egepeta, sebakeng sa Zooane.+ 13  A arola leoatle hore ba fete har’a lona,A emisa metsi joaloka lebota.*+ 14  A ba etella pele ka leru motšehareBosiu bohle a ba etella pele ka khanya ea mollo.+ 15  A petsola mafika lefeelleng,A ba noesa metsi ho fihlela ba khotsofetse joalokaha eka a tsoa botebong ba leoatle.+ 16  A etsa hore metsi a tsoe lefikengLe hore a phalle joaloka linoka.+ 17  Empa ba ile ba ’na ba mo siteloaKa ho fetohela Ea Phahameng ka ho Fetisisa lehoatateng.+ 18  Ba ile ba leka Molimo ka lipelong tsa bona+Ka ho batla lijo tseo ba li lakatsang. 19  Kahoo, ba ile ba bua hampe ka Molimo,Ba re: “Na Molimo a ka khona ho teka tafole lefeelleng?”+ 20  O ile a otla lefikaEaba metsi aa phalla le linokana tsa tlala.+ “Na a ka re fa le bohobeKapa a fa batho ba hae nama?”+ 21  Ha Jehova a ba utloa, a halefa.+ Mollo+ oa tukela Jakobo,A halefela Baiseraele+ 22  Hobane ba ne ba sa lumele ho Molimo,+Ba sa tšepe hore a ka khona ho ba pholosa. 23  A laela maholimo a koahetsoeng ke maru,A bula mamati a leholimo. 24  A ’na a ba nesetsa manna hore ba je,A ba fa lijo* tsa leholimo.+ 25  Batho ba ne ba ja bohobe ba linatla.*+ O ne a ba fepa ho fihlela ba khotše.+ 26  A fehla moea oa bochabela maholimongA etsa le hore moea oa boroa o foke ka matla a hae.+ 27  A ba fa nama e ngata joaloka leroleLe linonyana tse ngata joaloka lehlabathe la leoatle. 28  A li lihela har’a litente tsa hae,Ho pota-pota litente tsa hae. 29  Ba ja ’me ba se ke ba emisa leha ba se ba khotše. O ile a ba fa seo ba neng ba se lakatsa.+ 30  Empa le pele ba khotsofala,Ha lijo li ntse li le ka melomong ea bona, 31  Molimo a ba halefela haholo,+A bolaea banna ba bona ba matla ka ho fetisisa.+ A liha bahlankana ba Iseraele. 32  Ho sa tsotellehe sena, ba ile ba etsa sebe le ho feta.+ Ha baa ka ba lumela ho Molimo le hoja ba bone mesebetsi ea hae e hlollang.+ 33  A felisa matsatsi a bona joalokaha eka ke moea,+A felisa le lilemo tsa bona ka koluoa ea tšohanyetso. 34  Empa ho sa tsotellehe hore na o ne a ba bolaea hangata hakae, ba ne ba lula ba mo kopa thuso,+Ba ne ba khutla ’me ba batla Molimo, 35  Ba hopola hore Molimo ke Lefika la bona+Le hore Molimo ea Phahameng ka ho Fetisisa ke Molopolli* oa bona.+ 36  Empa ba ile ba leka ho mo thetsa ka melomo ea bonaLe ho mo bolella leshano ka maleme a bona. 37  Ba ne ba sa mo tšepahalle.+ Ba sa tšepahalle le selekane sa hae.+ 38  Empa o ne a le mohau,+A ba tšoarela* liphoso tsa bona, a sa ba felise.+ Hangata o ne a thiba bohale ba hae+Ho e-na le ho ntša khalefo eohle ea hae. 39  O ne a hopola hore ke batho feela,+Moea o fokang o feta ebile o sa khutle.* 40  Ba ne ba mo fetohela ka makhetlo a mangata lefeelleng+Ba bile ba mo utloisa bohloko lehoatateng.+ 41  Ba ne ba leka Molimo ka makhetlo-khetlo,+Ba utloisa Mohalaleli oa Iseraele bohloko. 42  Ha baa ka ba hopola matla* a hae,Ba ile ba lebala letsatsi leo ka lona a ileng a ba pholosa* ho lira tsa bona,+ 43  Kamoo a ileng a etsa lipontšo kateng Egepeta,+Kamoo a ileng a etsa mehlolo kateng sebakeng sa Zooane 44  Le kamoo a ileng a fetola melatsoana ea Nile mali+E le hore ba se ke ba khona ho noa metsi a linokana tsa bona. 45  A romela liboba* tse ngata haholo hore li ba lome+Le linqanqane hore li ba felise.+ 46  A romela litsie tse senyang hore li senye masimo a bonaLe litsie tse ngata hore li senye lijalo tseo ba li sebelelitseng ka thata.+ 47  O ile a senya lifate tsa bona tsa morara ka sefako+Le lifate tsa bona tsa sikamora ka majoe a sefako. 48  A bolaea liphoofolo tsa bona ka sefako,+A bolaea le liphoofolo tseo ba li ruileng ka lehalima.* 49  A ntšetsa bohale ba hae bo tukang ho bona,Khalefo le tlokotsi,A romela lihlopha tsa mangeloi tse tlisang tlokotsi. 50  A lokolla bohale ba hae. Ha aa ka a ba sireletsa hore ba se ke ba shoa. O ile a etsa hore ba tšoaroe ke boloetse bo bolaeang. 51  Qetellong a bolaea matsibolo ’ohle a Egepeta+E leng ba neng ba tsoetsoe pele litenteng tsa Kama. 52  Ka mor’a moo, a ntša batho ba hae joaloka mohlape+A ba tataisa joaloka linku lefeelleng. 53  O ile a ba etella pele a ba sirelelitse,Ba ne ba sa tšabe letho.+ Leoatle le ile la koahela lira tsa bona.+ 54  A ba tlisa sebakeng sa hae se halalelang,+Sebaka se lithaba seo a se hapileng ka letsoho la hae le letona.+ 55  O ile a leleka lichaba ka pel’a bona.+ A ba abela lefa ka khoele e lekanyang.+ A beha meloko ea Iseraele malapeng a eona.+ 56  Empa ba ’na ba leka Molimo ea Phahameng ka ho Fetisisa le ho mo fetohela.+ Ha baa ka ba mamela likhopotso tsa hae.+ 57  Hape ba ne ba kheloha ’me ba le bolotsana joaloka baholo-holo ba bona.+ Ba ne ba sa tšepahale joaloka seqha se sa tieang.+ 58  Ba ’na ba mo siteloa ka libaka tsa bona tse phahameng+Le ho mo halefisa* ka litšoantšo tsa bona tse betliloeng.+ 59  Molimo a bona sena ’me a halefa.+ Kahoo, a lahla Baiseraele ka ho feletseng. 60  Qetellong a furalla tabernakele ea Shilo,+Tente eo a neng a lula ho eona har’a batho.+ 61  O ile a lumella letšoao le emelang matla a hae hore le isoe botlamuoeng. A lumella hore khanya ea hae e be letsohong la sera.+ 62  A lumella hore batho ba hae ba bolaoe ka sabole,+A halefela lefa la hae. 63  Mollo oa chesa bahlankana ba hae,Baroetsana ba hae ha baa ka ba bineloa lipina tsa lenyalo.* 64  Baprista ba hae ba bolaoa ka sabole,+Bahlolohali ba bona ha ba aa ka ba lla.+ 65  Jehova a tsoha joalokaha eka o ne a robetse,+Joaloka monna ea matla+ ea hlaphoheloang ka mor’a ho noa veine e ngata. 66  A khutlisetsa lira tsa hae morao.+ A li tlotlolla ka ho sa feleng. 67  A lahla tente ea Josefa. Ha aa ka a khetha leloko la Efraime. 68  Empa a khetha leloko la Juda,+Thaba ea Sione eo a e ratang.+ 69  A etsa hore sehalalelo sa hae se lule se le teng joaloka maholimo,*+Joaloka lefatše leo a le tiisitseng hore le be teng ka ho sa feleng.+ 70  A khetha Davida+ mohlanka oa haeEaba o mo tlosa masakeng a linku,+ 71  Hore a se ke a hlola a hlokomela linku tse anyesang. A mo etsa molisa oa Jakobo e leng sechaba sa hae+Le oa Iseraele e leng lefa la hae.+ 72  O ile a ba lisa ka botšepehi,+A ba tataisa ka boiphihlelo.+

Linaletsana

Kapa: “taelo.”
Kapa: “khopotso.”
Ka Seheberu: “o sa lokisa lipelo tsa oona.”
Kapa: “letamo.”
Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “mangeloi.”
Kapa: “Mopheteletsi.”
Ka Seheberu: “A koahela.”
Kapa mohlomong: “Hore moea oa tsoa ’me ha o khutle.”
Ka Seheberu: “letsoho.”
Ka Seheberu: “lopolla.”
Mofuta oa ntsintsi e lomang.
Kapa mohlomong: “feberu e chesang.”
Kapa: “ho etsa hore a boulele.”
Ka Seheberu: “Baroetsana ba hae ha baa ka ba rorisoa.”
Ka Seheberu: “A haha sehalalelo sa hae feela joaloka libaka tse phahameng.”