Lipesaleme 23:1-6

  • “Jehova ke Molisa oa ka”

    • “Nke ke ka hloka letho” (1)

    • “Oa nkhatholla” (3)

    • “Kopi ea ka e tletse” (5)

Pina ea Davida. 23  Jehova ke Molisa oa ka.+ Nke ke ka hloka letho.+  2  O nthobatsa makhulong a tletseng joang. O nkisa libakeng tse nang le metsi a mangata moo ke tla phomola teng.*+  3  Oa nkhatholla.+ O ntsamaisa litseleng tsa ho loka ka lebaka la lebitso la hae.+  4  Leha nka tsamaea khohlong ea moriti o lefifi,+Ha ke tšabe letho le kotsi+Hobane o na le ’na.+ Molamu oa hao le lere la hao li etsa hore ke ikutloe ke sireletsehile.*  5  O ntekela tafole ka pel’a lira tsa ka.+ O tlotsa* hlooho ea ka ka oli.+ Kopi ea ka e tletse.+  6  Molemo oa hao le lerato* la hao li tla ntšala morao ka matsatsi ’ohle a bophelo ba ka,+Ke tla lula ka tlung ea Jehova bophelo bohle ba ka.+

Linaletsana

^ Kapa mohlomong: “metsing a khutsitseng.”
^ Kapa: “lia ntšelisa.”
^ Kapa: “khatholla.”
^ Kapa: “lerato le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso.