Lipesaleme 4:1-8
Ho motsamaisi, e binoe ka liletsa tse likhoele. Pina ea Davida.
4 Ha ke u bitsa, u nkarabe hle Molimo oa ka ea lokileng.+
U mpulele tsela ea ho tsoa* ha ke le tsietsing.
Nkhauhele, u mamele thapelo ea ka.
2 Lona bara ba batho, le tla ntlotlolla ho fihlela neng?
Le tla rata lintho tse se nang thuso le ho lula le bua leshano ho fihlela neng? (Selah)
3 Tsebang hore Jehova o tla tšoara motho oa hae ea tšepahalang ka tsela e khethehileng.*
Jehova o tla nkutloa ha ke mo hoeletsa.
4 Ha le halefile, le se ke la etsa sebe.+
Buelang ka lipelong le le libetheng tsa lona ’me le khutse. (Selah)
5 Etsetsang Molimo mahlabelo ka lipelo tse ntle,Le tšepe Jehova.+
6 Ho na le ba bangata ba reng: “Ke mang ea tla etsa hore re atlehe?”
U re khantšetse leseli la sefahleho sa hao, Jehova.+
7 U entse hore pelo ea ka e thabe haholoHo feta batho ba kotutseng koro* e ngata le veine e ncha.
8 Ke tla paqama ke robale ka khotso+Hobane Jehova, ke uena feela ea etsang hore ke lule ke sireletsehile.+
Linaletsana
^ Ka Seheberu: “Nketsetse sebaka se bulehileng.”
^ Kapa: “o tla qolla motho oa hae ea tšepahalang; o tla ikhethela motho oa hae ea tšepahalang.”
^ Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.

