Lipesaleme 71:1-24

  • Tšepo ea ba tsofetseng

    • Ho tšepa Molimo ho tloha bocheng (5)

    • “Ha matla a ka a fela” (9)

    • “Molimo, u nthutile ho tloha ke sa le mocha” (17)

71  Ke balehetse ho uena Jehova. E se eka nke ke ka hlajoa ke lihlong.+   Mpholose hobane u lokile. ’Mamele* ’me u mpholose.+   E-ba sebaka sa ka se sireletsehilengSeo nka ipatang ho sona kamehla. Laela hore ke pholosoeHobane u lefika la ka le sebaka sa ka se sireletsehileng.+   Molimo, mpholose matsohong a ea khopo,+Matsohong a ea nkhatellang.   U tšepo ea ka, Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle. Esale ke u tšepile ho tloha bocheng.+   Esale ke itšetlehile ka uena ho tloha ha ke tsoaloa. Ke ntšitsoe ke uena ka popelong ea ’mè oa ka.+ Ke u rorisa kamehla.   Batho ba bangata ba ile ba makala ha ba bona lintho tse nketsahaletsengLeha ho le joalo, u setšabelo sa ka se matla.   Molomo oa ka o lula o u rorisa.+ Ke bua ka bokhabane ba hao letsatsi lohle.   U se ke oa ntahla botsofaling ba ka.+ U se ke oa ntlohela ha matla a ka a fela.+ 10  Lira tsa ka li bua hampe ka ’na,Ba batlang ho mpolaea ba rera lintho tse mpe ka ’na,+ 11  Ba re: “Molimo o mo lahlile. Mo lelekiseng, le mo tšoare hobane ha ho na motho ea tla mo pholosa.”+ 12  Molimo, u se ke oa ba hole le ’na. Molimo oa ka, potlaka u tl’o nthusa.+ 13  E se eka ba nkhanyetsangBa ka hlajoa ke lihlong ’me ba felisoe.+ E se eka ba lakatsang hore ke hlaheloe ke lintho tse mpeBa ka hlajoa ke lihlong ba be ba tlotlollehe.+ 14  Ha e le ’na, ke tla lula ke letile. Ke tla u rorisa ho feta pele. 15  Molomo oa ka o tla bua ka liketso tsa hao tse lokileng letsatsi lohle+Le ka lintho tseo u li entseng ho re pholosa,Le hoja li le ngata haholo hore nka li utloisisa.*+ 16  Ke tla tla ’me ke bue ka matla a hao,Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle. Ke tla bua ka liketso tsa hao tse lokileng, tsa hao feela. 17  Molimo, u nthutile ho tloha ke sa le mocha,+Le kajeno ke ntse ke bua ka mesebetsi ea hao e hlollang.+ 18  Molimo, u se ke oa ntahla ha ke se ke tsofetse ebile moriri oa ka o le moputsoa.+ E-re ke bue ka matla* a hao ho moloko o tlangLe ka bonatla ba hao ho bohle ba tlang.+ 19  Molimo, liketso tsa hao tse lokileng li fihla libakeng tse phahameng.+ U entse lintho tse kholo. Molimo, ke mang ea tšoanang le uena?+ 20  Le hoja u entse hore ke be le mahlomola le litlokotsi tse ngata,+Mphe matla hape. ’Nyolle botebong* ba lefatše.+ 21  E se eka u ka khutlisa seriti sa ka,U ntšireletse ’me u ntšelise. 22  Ke tla u rorisa ka seletsa se likhoeleHobane oa tšepahala Molimo oa ka.+ Ke tla u binela lipina* tsa lithoriso ka harepa,Mohalaleli oa Iseraele. 23  Molomo oa ka o tla hoeletsa ka thabo ha ke u binela lithoriso+Hobane u mpholositse.+ 24  Ke tla bua* ka liketso tsa hao tse lokileng letsatsi lohle.+ Ba batlang ho mphelisa ba tla hlajoa ke lihlong ’me ba tlotlollehe.+

Linaletsana

Kapa: “Inamela tlase u ntšekehele tsebe.”
Kapa: “li bala.”
Ka Seheberu: “letsoho.”
Kapa: “metsing a tebileng.”
Kapa: “u letsetsa ’mino.”
Kapa: “nahanisisa.”