Lipesaleme 113:1-9

  • Molimo ea holimo o phahamisa ba tlase

    • Lebitso la Jehova le rorisoa ho ea ho ile (2)

    • Molimo o inamela tlase (6)

113  Rorisang Jah!* Lona bahlanka ba Jehova mo roriseng,Rorisang lebitso la Jehova.  2  E se eka lebitso la Jehova le ka rorisoaHo tloha hona joale ho ea ho ile.+  3  Lebitso la Jehova le ke le rorisoe,+Ho tloha ka bochabela ho ea ka bophirimela.  4  Jehova o phahametse lichaba tsohle.+ O khanya ho feta maholimo.+  5  Ke mang ea tšoanang le Jehova Molimo oa rona,+Ea lulang* sebakeng se phahameng?  6  O inamela tlase hore a shebe leholimo le lefatše.+  7  O phahamisa ea tlase leroleng. O phahamisa ea futsanehileng thotobolong*+  8  A mo lulise le bahlomphehi,Bahlomphehi ba sechaba sa hae.  9  O fa mosali ea sa khoneng ho ba le bana lehae,O etsa hore e be ’mè ea thabileng ea nang le bana.*+ Rorisang Jah!*

Linaletsana

^ Kapa: “Halelujah!” “Jah” ke khutsufatso ea lebitso Jehova.
^ Kapa: “Ea lulang teroneng.”
^ Kapa mohlomong: “qubung ea molora.”
^ Ka Seheberu: “bara.”
^ Kapa: “Halelujah!” “Jah” ke khutsufatso ea lebitso Jehova.