Lipesaleme 58:1-11

  • Ho na le Molimo ea ahlolang lefatše

    • Thapelo ea hore ba khopo ba fuoe kotlo (6-8)

Ho motsamaisi. E binoe ka molumo oa “U se ke oa Senya.” Pesaleme ea Davida. Miktame.* 58  Na le ka bua ka ho loka empa le khutsitse?+ Na le ka ahlola ka toka, lona bara ba batho?+   Ho e-na le hoo, le rera lintho tse mpe ka lipelong tsa lona+Ebile le baka lintoa ka har’a naha.+   Ba khopo ba tsoa tseleng ho tloha ha ba tsoaloa.* Ha ba laolehe, ba bua leshano ho tloha ha ba hlaha.   Chefo ea bona e tšoana le ea linoha.+ Ha ba utloe litsebeng joaloka noha ea masumu e ithibang litsebe.   E ke ke ea mamela lentsoe la ba tšerehanyang linoha,Ho sa tsotellehe hore na ba na le bokhoni hakae.   Molimo, ba ntše meno. Roba mehlahare ea litau tsena hle Jehova.   E se eka ba ka nyamela joaloka metsi a phallang. E se eka Molimo a ka koba seqha sa hae ’me a ba liha ka metsu ea hae.   E se eka ba ka tšoana le khofu e haufi le ho shoa.* Ba tšoane le ngoana ea hlahang a sa phele, ea e-s’o ka a bona letsatsi le ka mohla.   Pele lipitsa tsa lona li utloa mocheso oa sehlahla sa monokotšoai,O tla fiela thupa e mongobo le e tukang joaloka moea oa sefefo.+ 10  Ea lokileng o tla thaba hobane a bone ha Molimo a iphetetsa.+ Maoto a hae a tla tlala mali a ba khopo.+ 11  Kahoo batho ba tla re: “Ho na le moputso bakeng sa ba lokileng.+ Ho na le Molimo ea ahlolang lefatšeng.”+

Linaletsana

Ka Seheberu: “ho tloha ka popelong.”
Ka Seheberu: “e qhibilihang ha e ntse e tsamaea.”