Lipesaleme 97:1-12

  • Jehova o phahametse melimo e meng

    • “Jehova ke Morena” (1)

    • Ratang Jehova, hloeang lintho tse mpe (10)

    • “Leseli le khantšelitse ba lokileng” (11)

97  Jehova ke Morena.+ Lefatše le ke le thabe.+ Lihlekehleke tse ngata li ke li nyakalle.+  2  O pota-potiloe ke maru le lefifi le letšo-letšo.+ Ho loka le toka ke motheo oa terone ea hae.+  3  Mollo o tsoa ho Molimo,+O chesa lira tsohle tsa hae.+  4  Lehalima la hae le khantša naha. Lefatše lea thothomela ha le le bona.+  5  Lithaba li qhibiliha joaloka mafura ka pel’a Jehova,+Li qhibiliha ka pel’a Morena oa lefatše lohle.  6  Maholimo a phatlalatsa liketso tsa hae tse lokileng,Lichaba tsohle li bona khanya ea hae.+  7  Bohle ba rapelang litšoantšo ba ke ba hlajoe ke lihlong+Le ba ithorisang ka melimo ea bona e se nang thuso.+ Melimo eohle e ke e mo khumamele.*+  8  Sione e utloile hore Jehova o hlotse eaba ea thaba.+ Metse* ea Juda le eona e thabileKa lebaka la likahlolo tsa hao.+  9  Jehova, ke uena Ea Phahameng ka ho Fetisisa holim’a lefatše lohle. U phahame ho feta melimo e meng eohle.+ 10  Lona ba ratang Jehova, hloeang lintho tse mpe.+ O sireletsa batho ba hae ba mo tšepahallang.+ O ba pholosa ho ba khopo.+ 11  Leseli le khantšelitse ba lokileng+Le ba lipelo li ntle ba thabile. 12  Thabang ka lebaka la Jehova, lona ba lokileng,Le rorise lebitso* la hae le halalelang.

Linaletsana

^ Kapa: “rapele.”
^ Ka Seheberu: “Barali.”
^ Ka Seheberu: “sehopotso.”