Lipesaleme 121:1-8

  • Jehova o lebela batho ba hae

    • “Jehova ke eena ea tla nthusa” (2)

    • Jehova ha a robale (3, 4)

Pina ea ho Nyolohela Motseng. 121  Ke phahamisetsa mahlo a ka lithabeng.+ Thuso ea ka e tla tsoa hokae?   Jehova ke eena ea tla nthusa,+Moetsi oa leholimo le lefatše.   A ke ke a lumella hore leoto la hao le thelle.*+ Ea u lebelang a ke ke a otsela le ka mohla.   Ea lebelang IseraeleA ke ke a otsela kapa a robala.+   Jehova ke molebeli oa hao. Jehova ke moriti+ o ka letsohong la hao le letona.+   U ke ke oa chesoa ke letsatsi motšehare+Le bosiu khoeli e ke ke ea u ntša kotsi.+   Jehova o tla u sireletsa linthong tsohle tse kotsi.+ O tla sireletsa bophelo ba hao.+   Jehova o tla u sireletsa linthong tsohle tseo u li etsangHo tloha hona joale ho ea ho ile.

Linaletsana

Kapa: “therekele.”