Lipesaleme 107:1-43
107 Lebohang Jehova hobane o molemo.+
Lerato la hae ha le fele le ka mohla.+
2 E se eka ba pholositsoeng* ke Jehova ba ka cho joalo,Bao a ba pholositseng ho lira tsa bona,+
3 Bao a ba phuthileng ho tsoa lichabeng,+Ho tsoa bochabela le bophirimela,Ho tsoa leboea le boroa.+
4 Ba ile ba solla lefeelleng, lehoatateng.
Ba ne ba sa fumane tsela e eang motseng oo ba ka lulang ho oona.
5 Ba ne ba lapile ba bile ba nyoriloe,Ba se na matla ka lebaka la mokhathala.
6 Ba ne ba llela ho Jehova ha ba le mathateng+Ebe o ba lopolla litsietsing tsa bona.+
7 A ba tsamaisa tseleng e nepahetseng+Hore ba fihle motseng oo ba ka lulang ho oona.+
8 Batho ba ke ba lebohe Jehova+ ka lebaka la lerato* la haeLe ka lebaka la lintho tse ntle tseo a li etselitseng batho.+
9 O nyorolotse ba nyoriloeng,A khorisa ba lapileng ka lijo tse monate.+
10 Ba bang ba ne ba lula lefifing le letšo-letšo,E le batšoaruoa ba mahlomoleng, ba tlanngoeng ka litšepe.
11 Ba ne ba sa mamele lentsoe la Molimo,Ba nyatsa khalemelo ea Ea Phahameng ka ho Fetisisa.+
12 A ba kokobetsa ka ho ba tlohela hore ba sotlehe.+
Ba ile ba oa* ’me ho ne ho se na ea ba thusang.
13 Ba ile ba kopa thuso ho Jehova ha ba le mathateng,A ba pholosa litsietsing tsa bona.
14 A ba ntša lefifing le letšo-letšo,A khaola liketane tsa bona.+
15 Batho ba ke ba lebohe Jehova ka lebaka la lerato* la hae+Le ka lebaka la lintho tse ntle tseo a li etselitseng batho.
16 O robile mamati a koporo,A khaola le mekoallo ea tšepe.+
17 E ne e le maoatla eaba baa sotleha+Ka lebaka la liphoso le melato ea bona.+
18 Ba felloa ke takatso ea lijo.
Ba ne ba le haufi le ho shoa.*
19 Ba ne ba kopa thuso ho Jehova ha ba le mathateng’Me o ne a ba pholosa litsietsing tsa bona.
20 O ne a bua ebe baa fola.+
O ne a ba pholosa hore ba se ke ba shoa.
21 Batho ba ke ba lebohe Jehova ka lebaka la lerato la haeLe ka lebaka la lintho tse ntle tseo a li etselitseng batho.
22 Ba ke ba mo etsetse mahlabelo a liteboho,+Ba bue ka mesebetsi ea hae ba thabile.
23 Batho ba tsamaeang leoatleng ka likepe,Ba rekisang metsing a mangata,+
24 Ba bone mesebetsi ea JehovaLe lintho tse ntle tseo a li bopileng leoatleng.+
25 Ba bone kamoo sefefo se tsohang kateng ha a laela,+Se bile se phahamisa maqhubu a leoatle.
26 Maqhubu a leoatle a ba nyollela holimoEbe ba theohela tlase hape botebong ba leoatle.
Baa tšoha ha ba bona tlokotsi e tlang e ba lebile.
27 Ba thekesela joaloka motho ea tahiloeng,Bokhoni bohle boo ba nang le bona ha bo ba thuse.+
28 Ba llela ho Jehova ha ba le mathateng+’Me o ba lopolla litsietsing tsa bona.
29 O khutsisa sefefoEbe maqhubu a leoatle aa thola.+
30 Ha maqhubu ao a thola, baa thaba’Me o ba isa sebakeng seo ba se ratang moo ho emang likepe.
31 Batho ba ke ba lebohe Jehova ka lebaka la lerato la haeLe ka lebaka la lintho tse ntle tseo a li etselitseng batho.+
32 Ba ke ba mo rorise moo batho ba bokaneng teng,+Ba ke ba mo rorise har’a* baholo.
33 O fetola linoka mahoatataLe liliba tsa metsi o li fetola libaka tse ommeng.+
34 O fetola naha e hlahisang lijalo hore e be naha e sa beheng*+Ka lebaka la bokhopo ba batho ba lulang moo.
35 O fetola lehoatata hore e be matamo a nang le lehlaka,Le naha e ommeng o e fetola liliba tsa metsi.+
36 O etsa hore ba lapileng ba lule moo+E le hore ba ka iketsetsa motse oo ba ka lulang ho oona.+
37 Ba jala masimo ’me ba lema lirapa tsa morara+Tse hlahisang lijalo tse ngata.+
38 Oa ba hlohonolofatsa ’me ba ba bangata haholo.
Ha a lumelle hore likhomo tsa bona li fokotsehe.+
39 Leha ho le joalo, ba fokotseha hape ebe baa tlotlollehaKa lebaka la litlokotsi, ho hatelloa le mesarelo.
40 O etsa hore bahlomphehi ba nyatsuoeLe hore ba solle libakeng tse se nang litsela.+
41 Empa o sireletsa* ba futsanehileng hore ba se ke ba hatelloa+’Me o eketsa ba malapa a bona hore ba be bangata joaloka mohlape.
42 Ba lokileng ba bona sena ebe baa thaba.+
Empa bohle ba sa lokang ba koetse melomo.+
43 Ea bohlale o tla hlokomela lintho tsena+A be a nahanisise ka liketso tsa Jehova tse bontšang hore o rata batho.+
Linaletsana
^ Kapa: “lopolotsoeng.”
^ Kapa: “lerato le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso.
^ Kapa: “ba khoptjoa.”
^ Kapa: “lerato le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso.
^ Ka Seheberu: “haufi le likeiti tsa lefu.”
^ Ka Seheberu: “setulong sa.”
^ Kapa: “naha ea letsoai.”
^ Kapa: “o beha holimo,” e leng moo ho leng thata ho fihlella teng.

