Lipesaleme 76:1-12

  • Molimo o hlola lira tsa Sione

    • Molimo o pholosa ba bonolo (9)

    • Lira tse ikhohomosang li tla kokobetsoa (12)

Ho motsamaisi. E binoe ka liletsa tse likhoele. Pesaleme ea Asafe.+ Pina. 76  Molimo oa tsebahala Juda.+ Lebitso la hae le leholo Iseraele.+  2  Sebaka sa hae se sireletsehileng se Saleme,+O lula Sione.+  3  O robile metsu e tukang ea seqha moo,A roba thebe, sabole le libetsa tsa ntoa.+ (Selah)  4  O koahetsoe ke khanya. O moholo ho feta lithaba tseo libata li lulang ho tsona.  5  Ba sebete ba nketsoe thepa.+ Ba shoele.* Banna ba matla ba ne ba sa khone ho itoanela.+  6  Ka lebaka la khalemelo ea hao Molimo oa Jakobo,Mokhanni oa koloi ea ntoa o shoele le pere e shoele.*+  7  Uena u le mong oa hlolla.+ Ke mang ea ka emang ka pel’a hao ha u halefile haholo?+  8  U phatlalalitse kahlolo u le leholimong.+ Lefatše le ne le tšohile le bile le khutsitse+  9  Ha Molimo a ema hore a ahloleLe ho pholosa bohle ba bonolo lefatšeng.+ (Selah) 10  Bohale ba batho bo tla etsa hore u rorisoe.+ Ha batho ba ntse ba halefile, seo se tla etsa hore u halaletsoe. 11  Etsang likano ho Jehova Molimo oa lona ’me le li phethe,+Bohle ba mo potolohileng ba ke ba tlise limpho tsa bona ba tšohile.+ 12  O tla kokobetsa baeta-pele ba ikhohomosang. O etsa hore marena a lefatše a tšohe.

Linaletsana

^ Ka Seheberu: “Ba robetse.”
^ Ka Seheberu: “robetse.”