Lipesaleme 114:1-8

  • Baiseraele ba lopolloa Egepeta

    • Leoatle le ile la aroha ka lehare (5)

    • Lithaba li ile tsa tlola-tlola joaloka liramo (6)

    • Lefika le thata le fetoha letamo la metsi (8)

114  Ha Baiseraele ba tsoa Egepeta,+Ha ba lelapa la Jakobo ba tsoa sechabeng se neng se bua puo e ’ngoe,  2  Juda e ile ea e-ba sebaka sa Molimo se halalelang,*Iseraele ea e-ba sebaka seo a se busang.+  3  Leoatle le ile la bona ha batho ba tla eaba le aroha ka lehare,+Jordane eona ea khaotsa ho phalla.+  4  Lithaba tsa tlola-tlola joaloka liramo,+Maralla a tlola-tlola joaloka likonyana.  5  Leoatle, ke hobane’ng ha u ile oa aroha ka lehare?+ Jordane, ke hobane’ng ha u ile oa khaotsa ho phalla?+  6  Ke hobane’ng ha lithaba li ile tsa tlola-tlola joaloka liramoLe maralla a tlola-tlola joaloka likonyana?  7  E se eka lefatše le ka thothomela ka lebaka la MorenaE leng Molimo oa Jakobo,+  8  Ea fetolang lefika hore e be letamo la metsi*Le ea ileng a etsa hore metsi a mangata a tsoe lefikeng le thata.+

Linaletsana

^ Kapa: “sehalalelo.”
^ Ka Seheberu: “letamo le nang le lehlaka.”