Lipesaleme 44:1-26
Ho motsamaisi. Pesaleme ea bara ba Kora.+ Maskile.*
44 Molimo, re utloile ka litsebe tsa rona,Baholo-holo ba rona ba re boleletse+Lintho tseo u ileng oa li etsa mehleng ea bona,Mehleng ea khale.
2 U ile oa leleka lichaba ka letsoho la hao+Oa beha baholo-holo ba rona moo.+
Oa silakanya lichaba ’me oa li leleka.+
3 Baholo-holo ba rona ha baa ka ba lula naheng eo ka lebaka la sabole ea bona,+Ha se ka matla a bona ba ileng ba hlola.+
Empa ba ile ba hlola ka letsoho la hao le letona,+ ka matla a hao le ka mosa oa hao*Hobane u ne u ba rata.+
4 Molimo, u Morena oa ka.+
Laela* hore Jakobo a hlole.
5 Ka matla a hao re tla leleka bahanyetsi ba rona.+
Ka lebitso la hao re tla hatakela ba re hlaselang.+
6 Ha kea tšepa seqha sa kaLe sabole ea ka e ke ke ea mpholosa.+
7 Ke uena ea ileng a re pholosa ho bahanyetsi ba rona,+Oa tlotlolla ba re hloileng.
8 Molimo, re tla u rorisa letsatsi lohle,Re tla rorisa lebitso la hao ka ho sa feleng. (Selah)
9 Empa u re lahlile ’me u re tlotlolotse,Ha u tsamaee le masole a rona.
10 Kamehla u etsa hore re balehe bahanyetsi ba rona.+
Ba re hloileng ba nka ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ba e batlang.
11 U nehelana ka rona hore re felisoe joaloka linku.
U re hasantse har’a lichaba.+
12 U rekisa batho ba hao ka theko e tlase haholo.+
Ha u fumane phaello ha u ba rekisa.
13 U etsa hore baahisani ba rona ba re nyatse,Le hore bohle ba re pota-potileng ba re tšehe ba be ba re nyefole.
14 U etsa hore lichaba li re nyatse,+Re be ntho eo batho ba sisinyang lihlooho ha ba e bona.
15 Ke utloa ke tlotlolohile letsatsi lohle,Ke soabile haholo.
16 Baa ’nyatsa ebile baa ’nyefola,Ka lebaka la sera sa rona se iphetetsang.
17 Lintho tsena tsohle li re etsahaletse empa ha rea u lebala,Ha rea tlola selekane sa hao.+
18 Lipelo tsa rona ha lia u koenehelaLe maoto a rona ha a kheloha tseleng ea hao.
19 U entse hore re hloloe moo liphokojoe li lulang teng.
U re koahetse ka lefifi le letšo.
20 Haeba re lebetse lebitso la Molimo oa ronaKapa re phahamiselitse molimo e mong matsoho hore re mo rapele,
21 Na Molimo a ke ke a tseba taba ee?
O tseba liphiri tse ka pelong ea motho.+
22 Re bolaoa kamehla ka lebaka la hao.
Re nkoa joaloka linku tse lokelang ho hlajoa.+
23 Tsoha. Ke hobane’ng ha u ntse u robetse, Jehova?+
Tsoha u re thuse. U se ke oa re lahla ka ho sa feleng.+
24 Ke hobane’ng ha u pata sefahleho sa hao?
Ke hobane’ng ha u lebala hore re matšoenyehong le hore re hateletsoe?
25 Re theoletsoe tlase leroleng.
’Mele ea rona e hateletsoe fatše.+
26 Ema u re thuse!+
Re pholose ka lebaka la lerato* la hao.+
Linaletsana
^ Ka Seheberu: “le ka leseli la sefahleho sa hao.”
^ Kapa: “Etsa.”
^ Kapa: “lerato le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso.

