Lipesaleme 53:1-6

  • Ho hlalosoa batho ba se nang kelello

    • “Jehova ha a eo” (1)

    • “Ha ho na ea etsang lintho tse ntle” (3)

Ho motsamaisi. E binoe ka mokhoa oa Mahalathe.* Maskile.* Pesaleme ea Davida. 53  Ea se nang kelello o re ka pelong ea hae: “Jehova ha a eo.”+ Ba etsa lintho tse mpe le tse nyonyehang. Ha ho na ea etsang lintho tse ntle.+   Empa Molimo o shebile bara ba batho a le leholimong+Ho bona hore na ho na le ea nang le kutloisiso kapa ea ntseng a batla Jehova.+   Bohle ba khelohile. Kaofela ba etsa lintho tse mpe. Ha ho na ea etsang lintho tse ntle,Ha ho le ea mong.+   Ke hobane’ng ha batho ba etsang lintho tse mpe ba se na kutloisiso? Ba felisa sechaba sa ka habonolo joalokaha eka ba ja bohobe. Ha ba rapele Jehova.+   Empa ba tla tšoha haholo,Ba tla tšoha ka tsela eo ba e-s’o ka ba tšoha ka eona*Hobane Molimo o tla hasanya masapo a ba le hlaselang. O tla ba hlabisa lihlong kaha Jehova o ba lahlile.   E se eka poloko ea Iseraele e ka tsoa Sione.+ Ha Jehova a khutlisa batho ba hae botlamuoeng,Jakobo a ke a thabe, Iseraele a ke a nyakalle.

Linaletsana

Kapa mohlomong: “Ba tla tšoha ntle ho lebaka.”