Lipesaleme 16:1-11
Miktame* ea Davida.
16 Ntšireletse hle Molimo hobane ke balehetse ho uena.+
2 Ke itse ho Jehova: “Ke uena Jehova, mohloli oa ka oa lintho tse molemo.
3 Ba halalelang ba lefatšeng,Ba hlomphehang ba nthabisa haholo.”+
4 Ba ikemiselitseng ho sebeletsa melimo e meng ba ipakela mathata a mangata.+
Nke ke ka ba etsetsa nyehelo ea seno ea maliKapa ka bua ka bona.+
5 Jehova ke eena ea mphang lintho tsohle*+ le ea tlatsang kopi ea ka ka mahlohonolo.+
O sireletsa lefa la ka.
6 Ke filoe libaka tse ntle.
Kannete ke khotsofaletse lefa la ka.+
7 Ke tla rorisa Jehova ea mphileng keletso.+
Le bosiu maikutlo* a ka a ka hare-hare aa nkhalemela.+
8 Ke lula ke nahana ka Jehova.+
Kaha o ka letsohong la ka le letona, nke ke ka tšoenyeha* le ka mohla.+
9 Pelo ea ka e nyakaletse, ke thabile haholoHape ke sireletsehile.
10 U ke ke oa ntlohela Lebitleng.*+
U ke ke oa lumella ’mele oa motho ea u tšepahallang hore o bolle lebitleng.*+
11 U ntsebisa tsela ea bophelo.+
Motho ea pel’a hao o thaba haholo,+Ea ka letsohong la hao le letona o lula a thabile.

