Lipesaleme 14:1-7

  • Ho hlalosoa motho ea se nang kelello

    • “Jehova ha a eo” (1)

    • “Ha ho na ea etsang lintho tse ntle” (3)

Ho motsamaisi. Pesaleme ea Davida. 14  Ea se nang kelello o re ka pelong: “Jehova ha a eo.”+ Ba etsa lintho tse mpe le tse nyonyehang. Ha ho na ea etsang lintho tse ntle.+  2  Empa Jehova o shebile batho a le leholimongHo bona hore na ho na le ea nang le kutloisiso kapa ea ntseng a batla Jehova.+  3  Bohle ba khelohile.+ Kaofela ba etsa lintho tse mpe. Ha ho na ea etsang lintho tse ntle,Ha ho le ea mong.  4  Ke hobane’ng ha batho ba etsang lintho tse mpe ba se na kutloisiso? Ba felisa sechaba sa ka habonolo joalokaha eka ba ja bohobe. Ha ba rapele Jehova.  5  Empa ba tla tšoha haholo+Hobane Jehova o ka lehlakoreng la ba* lokileng.  6  Lona ba etsang lintho tse mpe, le leka ho sitisa merero ea ea tlasanaEmpa Jehova ke setšabelo sa hae.+  7  E se eka poloko ea Iseraele e ka tsoa Sione.+ Ha Jehova a khutlisa batho ba hae botlamuoeng,Jakobo a ke a thabe, Iseraele a ke a nyakalle.

Linaletsana

^ Ka Seheberu: “moloko.”