Lipesaleme 112:1-10

  • Motho ea lokileng o tšaba Jehova

    • Motho ea alimanang haholo o tla atleha (5)

    • “Motho ea lokileng o tla lula a hopoloa” (6)

    • Motho ea fanang o fa bafutsana (9)

112  Rorisang Jah!*+ א [Aleph] Ho thaba motho ea tšabang* Jehova+ב [Beth]A bile a rata melao ea hae haholo.+ ג [Gimel]  2  Litloholo tsa hae li tla ba matla lefatšengד [Daleth]Le moloko oa batho ba lokileng o tla hlohonolofatsoa.+ ה [He]  3  O na le maruo ka tlung ea haeו [Waw]Le liketso tsa hae tse lokileng li ke ke tsa lebaloa. ז [Zayin]  4  Ho batho ba lokileng o joaloka khanya lefifing.+ ח [Heth] O na le kutloelo-bohloko,* o mohau+ ebile o lokile. ט [Teth]  5  Motho ea alimanang haholo,* lintho li mo tsamaela hantle.+ י [Yod] O etsa lintho tsohle ka toka. כ [Kaph]  6  O tla lula a atleha.+ ל [Lamed] Motho ea lokileng o tla lula a hopoloa.+ מ [Mem]  7  A ke ke a tšosoa ke litaba tse bohloko.+ נ [Nun] Oa tšepahala ’me o lula a tšepile Jehova.+ ס [Samekh]  8  O itšetlehile ka Molimo,* ha a tšabe letho.+ ע [Ayin] Qetellong o tla bona ha lira tsa hae li hloloa.+ פ [Pe]  9  O fane ka lintho tseo a nang le tsona ka pelo eohle. O li file bafutsana.+ צ [Tsade] Liketso tsa hae tse lokileng li ke ke tsa lebaloa.+ ק [Qoph] Matla a hae a tla eketseha* ’me o tla hlompheha. ר [Resh] 10  Ea khopo o tla bona seo ’me a halefe. ש [Shin] O tla nyahama, a fokole ebe oa shoa. ת [Taw] Lintho tseo a li lakatsang li tla fella moeeng.+

Linaletsana

^ Kapa: “Halelujah!” “Jah” ke khutsufatso ea lebitso Jehova.
^ Kapa: “hlomphang.”
^ Kapa: “mosa.”
^ Kapa: “mosa.”
^ Kapa: “Pelo ea hae e tsitsitse.”
^ Ka Seheberu: “Lenaka la hae le tla phahama.”