Lipesaleme 104:1-35
104 Ke tla rorisa Jehova.+
Jehova Molimo oa ka, o moholo haholo.+
O apere khanya* le ho hlompheha.+
2 O apere leseli+ joalokaha eka ke seaparo.
O otlolla maholimo joaloka lesela la tente.+
3 O haha likamore tsa hae tse ka holimo holim’a maru.*+
O etsa maru koloi ea hae ea ntoa,+O tsamaea ka mapheo a moea.+
4 O etsa hore mangeloi a hae a be matla.*
O etsa hore basebeletsi ba hae e be mollo o timetsang.+
5 O tiisitse lefatše metheong ea lona.+
Le ka mohla le ke ke la suthisoa sebakeng sa lona* ka ho sa feleng.+
6 O le koahetse ka metsi a tebileng joalokaha eka ke ka seaparo.+
Metsi ao a ile a koahela lithaba.
7 A ile a baleha ha u a khalemela.+
A baleha a tšohile ha a utloa molumo oa sealuma sa hao,
8 A ea sebakeng sa ’ona seo u se lokisitseng.
Lithaba tsa nyoloha+ ’me likhohlo tsa theoha.
9 U ile oa behela metsi ao moeli hore a se ke a o tlola+Hore a se ke a hlola a koahela lefatše.
10 O romela liliba likhohlong.*
Li phalla har’a lithaba.
11 Libata tsohle tsa naha li fumana metsi ho tsonaLe litonki tsa naha tse nyoriloeng li noa metsi ho tsona.
12 Linonyana li haha lihlaha tsa tsona lifateng tse haufi le metsi ao.
Li bina li le har’a makhasi a teteaneng.
13 O nosetsa lithaba a le likamoreng tsa hae tse holimo.+
Lefatše le tletse litholoana tsa mesebetsi ea hao.+
14 O melisetsa likhomo joang,O melisetsa le batho lijalo hore li ba tsoele molemo+Ho lema lijo lefatšeng:
15 Veine e thabisang pelo ea motho,+Oli e etsang hore sefahleho se be boreleliLe bohobe bo etsang hore motho a be matla.+
16 Lifate tsa Jehova li noselitsoe hantle,Lifate tsa kedare tsa Lebanone tseo a li lemmeng,
17 Moo linonyana li etsang lihlaha.
Mokotatsie+ o lula lifateng tsa junipere.
18 Lipoli tsa thaba li lula lithabeng tse phahameng.+
Lipela li balehela mafikeng.+
19 O entse hore khoeli e tšoaee linako tsa selemo.
Letsatsi le tseba hantle hore na le likela neng.+
20 O etsa hore ho be lefifi ’me e ba bosiu+E leng nako eo liphoofolo tse hlaha tse lulang morung li sollang ka eona.
21 Litaoana lia puruma ha li ntse li tsoma,+Li batla lijo tsa tsona ho Molimo.+
22 Ha letsatsi le chaba,Lia khutla ebe li botha moo li lulang teng.
23 Motho o ea mosebetsingEbe o sebetsa ho fihlela bosiu.
24 Jehova, lintho tseo u li entseng li ngata haholo.+
Kaofela ha tsona u li entse ka bohlale.+
Lefatše le tletse lintho tseo u li entseng.
25 Leoatle le leholo ebile le pharaletse,Le tletse lintho tse ngata tse phelang, tse kholo le tse nyenyane.+
26 Likepe li tsamaea ho lonaLe Leviathane*+ eo u e etselitseng hore e bapalle ka har’a lona.
27 Kaofela ha tsona lia u emelaHore u li fe lijo ka nako ea tsona.+
28 Li ja lintho tseo u li fang tsona.+
Li thabela lintho tse molemo tseo u li fang tsona.*+
29 Ha u li furalla, lia khathatseha.
Ha u nka matla a tsona a bophelo,* lia shoa ebe li khutlela leroleng.+
30 Ha u romela moea oa hao o halalelang, lia boptjoa.+
U nchafatsa lefatše.
31 Khanya ea Jehova e tla lula e le teng.
Jehova o tla thabela mesebetsi ea hae.+
32 O sheba lefatše ebe lea thothomela.
O ama lithaba ebe li kubella mosi.+
33 Ke tla binela Jehova+ bophelo bohle ba ka.
Ke tla binela Molimo oa ka lithoriso hafeela ke ntse ke phela.+
34 Lintho tseo ke li nahanang li ke li mo khahlise.*
Ke tla thaba ka lebaka la Jehova.
35 Baetsalibe ba tla felisoa lefatšeng,Ba khopo ha ba sa tla hlola ba e-ba teng.+
Ke tla rorisa Jehova. Rorisang Jah!*
Linaletsana
^ Kapa: “seriti.”
^ Ka Seheberu: “ka metsing.”
^ Ka Seheberu: “meea e matla.”
^ Kapa: “la sisinngoa.”
^ Kapa: “liphuleng.”
^ Ka Seheberu: “ha u bula seatla sa hao.”
^ Kapa: “moea.” Sheba Tlhaloso.
^ Kapa mohlomong: “Lintho tseo ke li nahanisisang ka eena e ke e be tse khahlisang.”
^ Kapa: “Halelujah!” “Jah” ke khutsufatso ea lebitso Jehova.

