Lipesaleme 50:1-23

  • Molimo o ahlola pakeng tsa ba tšepahalang le ba khopo

    • Selekane sa Molimo ka sehlabelo (5)

    • “Molimo ka bo-eena ke Moahloli” (6)

    • Liphoofolo tsohle ke tsa Molimo (10, 11)

    • Molimo o senola ba khopo (16-21)

Pina ea Asafe.+ 50  Jehova, Molimo oa melimo*+ o buile. O bitsa batho bohle lefatšengHo tloha bochabela ho fihlela bophirimela.   Molimo o khanya a le Sione e leng motse o motle haholo.+   Molimo oa rona o tla tla ’me a ke ke a thola.+ Ka pel’a hae ho na le mollo o chesang,+O pota-potiloe ke sefefo se matla.+   O bitsa bohle ba leholimong le ba lefatšeng+E le hore a ahlole batho ba hae,+ o re:   “Mpitsetseng batho ba ka ba tšepahalang,Ba etsang selekane le ’na ka sehlabelo.”+   Maholimo a phatlalatsa hore Molimo o lokile,Molimo ka bo-eena ke Moahloli.+ (Selah)   “ ’Mameleng, lona sechaba sa ka ’me ke tla bua le lona. Lona Baiseraele, ke tla bua ka molato oa lona.+ Ke ’na Molimo, Molimo oa lona.+   Ha ke le khalemelle mahlabelo a lonaKapa linyehelo tsa lona tse feletseng tsa secheso tse ka pel’a ka kamehla.+   Ha ke hloke ho nka poho matlong a lonaKapa lipoli* masakeng a lona.+ 10  Liphoofolo tsohle tse hlaha tsa morung ke tsa ka+Le libata tse holim’a lithaba tse sekete. 11  Ke tseba linonyana tsohle tsa lithabeng.+ Liphoofolo tsohle tsa naheng ke tsa ka. 12  Haeba ke ne ke lapile, ke ne nke ke ka le bolella. Lefatše ke la ka le tsohle tse ho lona.+ 13  Na ke tla ja nama ea lipohoKe be ke noe mali a lipoli?+ 14  Fanang ka liteboho e le sehlabelo sa lona ho Molimo,+Le phethe likano tsa lona tseo le li etselitseng Ea Phahameng ka ho Fetisisa.+ 15  Le mpitse ha le le mahlomoleng.+ Ke tla le pholosa ’me le tla ntlotlisa.”+ 16  Empa Molimo o tla re ho ba khopo: “Ke mang ea le fileng tokelo ea ho bua ka melao ea ka+Kapa ea ho bua ka selekane sa ka?+ 17  Le hloile ho khalemeloa,*Le lula le sa mamele mantsoe a ka.+ 18  Ha le bona lesholu, lea le amohela,*+Le tloaelane le bafebi. 19  Le hasa lintho tse mpe ka melomo ea lona,Le lula le bua leshano.+ 20  Le lula fatše ebe le bua hampe ka ngoan’abo lona.+ Le senola liphoso tsa* ngoan’abo lona. 21  Ha le etsa lintho tsena, ke ne ke thotse. Kahoo, le ne le nahana hore ke tla tšoana le lona. Empa joale ke tla le khalemela,Ke tla bolela liphoso tsa lona.+ 22  Ke kopa le nahane ka sena, lona ba lebalang Molimo+E le hore ke se ke ka le khaola likoto ho se na motho ea tla le pholosa. 23  Ea fanang ka liteboho e le sehlabelo sa hae oa ntlotlisa,+Ha e le ea lulang a etsa lintho tse lokileng,Ke tla etsa hore a bone ha ke mo pholosa.”+

Linaletsana

Kapa: “Molimo, Ea Matla ’Ohle, Jehova.”
Ka Seheberu: “lipoli tse tona.”
Kapa: “litaelo.”
Kapa mohlomong: “lea le thusa.”
Kapa: “Le senya lebitso la.”