Lipesaleme 95:1-11

  • Borapeli ba ’nete le ho mamela

    • “Haeba le mamela lentsoe la hae kajeno” (7)

    • “Le se ke la ba manganga” (8)

    • “Ba ke ke ba phomola moho le (11)

95  Tloong, re hoeletseng Jehova re thabile. A re hoeletseng ka thabo ’me re rorise Lefika la rona le re pholosang.+  2  A re tleng ka pel’a hae* re mo lebohe.+ A re hoeletseng re thabile ’me re mo binele lithoriso.  3  Jehova ke Molimo e moholo,Ke Morena e moholo ho feta melimo e meng eohle.+  4  O laola libaka tse tlase tsa lefatše. Lithaba tse phahameng ke tsa hae.+  5  Leoatle ke la hae, ke eena ea le entseng.+ O bopile lefatše ka matsoho a hae.+  6  Tloong, re rapele ’me re iname. A re khumameleng Jehova Moetsi oa rona.+  7  Ke Molimo oa rona’Me re linku tsa lekhulo la hae,Re linku tseo a li hlokometseng.*+ Haeba le mamela lentsoe la hae kajeno,+  8  Le se ke la ba manganga joaloka baholo-holo ba lona ha ba le Meriba,*+Le joaloka mohla ba neng ba le Masa* lefeelleng,+  9  Ha ba ne ba nteka.+ Ba ile ba nteka le hoja ba bone mesebetsi ea ka.+ 10  Ke ile ka nyonya moloko oo ka lilemo tse 40 eaba ke re: “Ke sechaba se lulang se ntlhanohela ka lipelong tsa sona. Ha se tsebe litsela tsa ka.” 11  Kahoo, ka ikana ke halefile ka re: “Ba ke ke ba phomola le ’na.”+

Linaletsana

^ Ka Seheberu: “ka pel’a sefahleho sa hae.”
^ Ka Seheberu: “tsa letsoho la hae.”
^ E bolelang “Ho Qabana.”
^ E bolelang “Ho Leka, Teko.”