Re u Memela
Sehopotso sa Lefu la Jesu
Ka Moqebelo oa la 12 April 2025
Re u memela liketsahalong tse peli tse sa lefelloeng
Puo e Khethehileng
“Na u ka Fumana ’Nete?”
U tla ithuta hore na Jesu o ile a re’ng ha a bua ka ’nete le hore na re ka e fumana hokae.
Sehopotso sa Lefu la Jesu
Ketsahalong ena ea bohlokoa Lipaki Tsa Jehova li ikhopotsa lefu la Jesu joalokaha a laetse.—Luka 22:19.
Lipotso Tseo Batho ba Bangata ba Ipotsang Tsona
Ke bo-mang ba ka tlang?
Batho bohle ba amohelehile. U ka tla le lelapa la hao.
Sehopotso se tla nka nako e kae?
Puo e khethehileng e tla nka metsotso e 30. E tla lateloa ke puisano e nkang hora ea lipotso le likarabo e thehiloeng ka Bibeleng.
Sehopotso se tla nka nako e ka etsang hora.
Se tla tšoareloa hokae?
Hore u fumane sebaka seo u ka eang ho sona, kena ho “Fumana Moo u ka Eang Sehopotsong” kapa “Fumana Moo u ka Eang Puong e Khethehileng.”
Na ke hloka chelete ea ho kena monyako kapa na ke se ke lokela ho ba e mong oa lona haeba ke tla?
Che.
Na ho tl’o ntšoa koleke?
Che. Ha re ntše koleke libokeng tsa tsona.—Matheu 10:8.
Ho aparoa joang?
Lipaki Tsa Jehova ha li na mokhoa o khethehileng oa ho apara empa li leka ho apara ka tsela e hantle le e hlomphehang.
Ho tla etsahala eng Sehopotsong?
Sehopotso se tla qaloa le ho koaloa ka pina le thapelo. Thapelo e tla etsoa ke Paki ea Jehova. Puo ea Sehopotso e tla bontša bohlokoa ba hore na ke hobane’ng ha Jesu a ile a shoa. E tla boela e hlakise molemo oo re o fumanang ka lebaka la seo Molimo le Kreste ba re etselitseng sona.
Ho fumana lintlha tse ling, bala sehlooho se reng: “Ke Hobane’ng ha Lipaki Tsa Jehova li sa Keteke Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena ka Tsela eo Malumeli a Mang a Etsang ka Eona?”
Sehopotso se tla ba ka letsatsi le fe lilemong tse tlang?
2025: Moqebelo oa la 12 April
2026: Labone la la 2 April
2027: Mantaha oa la 22 March
Hore u ithute lintlha tse ling, shebella livideo tsena tse latelang.
Video ena e bontša hanyenyane feela kamoo lefu la Jesu le entseng hore re be le bokamoso bo monate kateng.
Ke Hobane’ng ha Jesu a Ile a Shoa?
E ka ’na eaba u kile oa utloa hore Jesu o shoetse libe tsa rona. Na ke ntho e khonehang hore lefu la motho a le mong feela le tsoele batho ba limilione molemo?
Ho Etsahala’ng Holong ea ’Muso?
Shebella video ’me u bone.