Rea u Mema

Borapeli bo Hloekileng

Kopano ea Lipaki Tsa Jehova ea 2025

Fumana Kopano e Haufi le Uena

Ho kenoa mahala • Ha ho ntšoe koleke

Seo u ka se Lebellang

Labohlano: Ho tla ba le livideo tse bontšang hore na bophelo bo ne bo le joang mehleng ea Jesu, le moo a neng a bolela litaba tse monate teng.

Moqebelo: Re tlo bona kamoo Jesu a ileng a phethahatsa boprofeta bo ileng ba boleloa lilemo tse makholo esale pele tšebeletsong ea hae.

Sontaha: Re tlo ithuta hore na ke hobaneng ha ho le bohlokoa ho batla ‘nete le ho tseba seo re se lumelang, puong e reng: “Na u Tseba Molimo eo u mo Rapelang?”

Tšoantšiso

Litaba Tsa Bophelo ba Jesu le Tšebeletso ea Hae: Video ea 2 le 3

Kamor’a hore Jesu a kolobetsoe e ile ea e-ba Mesia kapa Kreste. Likhoeli tse latelang o ile a lekoa ke Diabolose, a bokella barutuoa ba hae, a ba a etsa mehlolo ea hae ea pele. Ha re shebeng livideo tsa liketsahalo tsena ha li hlalosoa letsatsi ka leng la kopano.

Kena ho jw.org/st ho fumana lenaneo le feletseng hape u shebelle livideo tsena:

Ho Etsahala’ng Likopanong Tsa Lipaki Tsa Jehova?

Bona hore na u ka lebella eng likopanong tsa Lipaki Tsa Jehova.

Kopano ea Lipaki Tsa Jehova ea 2025 ea “Borapeli bo Hloekileng”

Seo u ka se lebellang kopanong ena.

Seo u ka se Lebellang Tšoantšisong ea Bibele ea Litaba Tsa Bophelo ba Jesu le Tšebeletso ea Hae

Ho tloha qalong ea tšebeletso ea hae, Jesu Kreste o ne a hanyetsoa ke batho, Diabolose le bademona. Na o ne a tla tlohela ho tšepahala?