Lipesaleme 9:1-20

  • Ho phatlalatsa mesebetsi ea Molimo e hlollang

    • Jehova, setšabelo se sireletsehileng (9)

    • Ho tseba lebitso la Molimo ho bolela ho mo tšepa (10)

Ho motsamaisi oa Muthe-labene.* Pina ea Davida. א [Aleph] 9  Ke tla u rorisa ka pelo ea ka eohle Jehova. Ke tla bolella ba bang ka mesebetsi eohle ea hao e hlollang.+  2  Ke tla thaba ke be ke nyakalle ka lebaka la hao. Ke tla binela lebitso la hao lithoriso,* Uena Ea Phahameng ka ho Fetisisa.+ ב [Beth]  3  Ha lira tsa ka li baleha,+Li tla khoptjoa li be li felisoe ka pel’a hao.  4  Oa ntoanela e le hore ke fumane toka. U lula teroneng ea hao ’me u ahlola ka toka.+ ג [Gimel]  5  U khalemetse lichaba+ oa ba oa felisa ba khopo,U hlakotse mabitso a bona hore a se ke a hlola a e-ba teng ka ho sa feleng.  6  Lira li felisitsoe ka ho sa feleng. U fothotse metse ea tsona,Ha li sa tla hlola li hopoloa.+ ה [He]  7  Jehova o lutse teroneng ka ho sa feleng.+ O lula a busa ’me kamehla o ahlola ka toka.+  8  O tla ahlola lefatše ka toka.+ O tla ahlola lichaba ka tsela e lokileng.+ ו [Waw]  9  Jehova e tla ba setšabelo se sireletsehileng* bakeng sa batho ba hateletsoeng.+ E tla ba setšabelo se sireletsehileng linakong tsa matšoenyeho.+ 10  Ba tsebang lebitso la hao ba tla u tšepa.+ Jehova, le ka mohla u ke ke oa lahla ba u sebeletsang.+ ז [Zayin] 11  Binelang Jehova ea lulang Sione lithoriso. Tsebisang lichaba liketso tsa hae.+ 12  Molimo o tla hopola ba hlorisoang ’me a iphetetse ho ba ba bolaileng.+ A ke ke a lebala sello sa bona.+ ח [Heth] 13  Nkhauhele Jehova, bona kamoo ba ntlhoileng ba ntšotlang kateng,Uena ea mpholosang lefung*+ 14  E le hore ke bue ka liketso tsa hao tse tšoaneloang ke thoriso likeiting tsa morali oa Sione,+Ke be ke thabe ka lebaka la tsela eo u pholosang ka eona.+ ט [Teth] 15  Lichaba li oetse ka sekoting seo li se chekileng. Maoto a tsona a tšoasitsoe ke leraba leo li le patileng.+ 16  Jehova o tsejoa ka kahlolo eo a fanang ka eona.+ Ea khopo o tšoasitsoe ke mosebetsi oa matsoho a hae.+ (Higaione.* Selah) י [Yod] 17  Ba khopo ba tla ea Lebitleng*E leng lichaba tsohle tse lebalang Molimo. 18  Molimo a ke ke a lebala ba futsanehileng+Ebile tšepo ea ba bonolo e ke ke ea fela.+ כ [Kaph] 19  Etsa ho hong hle Jehova! U se ke oa lumella hore motho a hlole. E se eka lichaba li ka ahloloa ka pel’a hao.+ 20  Jehova, etsa hore li tšohe,+Etsa hore lichaba li tsebe hore ke batho feela. (Selah)

Linaletsana

^ Kapa: “letsa ’mino.”
^ Kapa: “sebaka se phahameng se sireletsehileng.”
^ Ka Seheberu: “likeiting tsa lefu.”
^ Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.