Lipesaleme 99:1-9
99 Jehova ke Morena.+ Lichaba li ke li thothomele.
O lutse teroneng holim’a* likerubime.+ Lefatše le ke le reketle.
2 Jehova o moholo Sione,O phahametse lichaba tsohle.+
3 Ba ke ba rorise lebitso la hao le leholo+Hobane lea hlompheha* ebile lea halalela.
4 Ke morena ea matla ea ratang toka.+
O etsa bonnete ba hore ho etsoa lintho tse nepahetseng kamehla.
O tliselitse Jakobo toka le ho loka.+
5 Rorisang Jehova Molimo+ oa rona ’me le khumame* ka pel’a setuloana sa maoto a hae.+
Oa halalela.+
6 Moshe le Arone e ne e le ba bang ba baprista ba hae,+Samuele e le e mong oa ba rapelang Molimo ka lebitso la hae.+
Ba ne ba bitsa Jehova,O ne a ba araba.+
7 O ne a bua le bona a le lerung.*+
Ba ile ba mo mamela ha a ba lemosa le ha a ba fa litaelo.+
8 Jehova Molimo oa rona, u ile oa ba araba.+
U ne u ba tšoarela+Empa u ba fa kotlo* ha ba entse lintho tse mpe.+
9 Rorisang Jehova Molimo oa rona,+Le khumame* ka pel’a thaba ea hae e halalelang+Hobane Jehova Molimo oa rona oa halalela.+

