Lipesaleme 140:1-13

  • Jehova ke Mopholosi ea matla

    • Batho ba khopo ba tšoana le linoha (3)

    • Batho ba ratang ntoa ba tla felisoa (11)

Ho motsamaisi. Pina ea Davida. 140  Jehova, mpholose ho batho ba khopo,U ntšireletse ho ba ratang ho loana,+   Ho ba rerang lintho tse khopo ka lipelong tsa bona+Le ba lulang ba baka lintoa.   Maleme a bona a kotsi joaloka leleme la noha.+ Lintho tseo ba li buang li kotsi joaloka chefo ea noha ea marabe.+ (Selah)   Jehova, ntšireletse ho ba khopo+Le ho ba ratang ntoa,Ba rerileng ho ntiha.   Ba ikhohomosang ba nchehetse leraba,Ba alile letlooa ka lithapo ka thoko ho tsela.+ Ba nchehetse maraba.+ (Selah)   Ke re ho Jehova: “U Molimo oa ka. ’Mamele ha ke u kopa thuso hle Jehova.”+   Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle, Mopholosi oa ka ea matla,Oa ntšireletsa* ha ke le ntoeng.+   Jehova, u se ke oa lumella hore batho ba khopo ba fumane seo ba se batlang. U se ke oa etsa hore merero ea bona e atlehe e le hore ba se ke ba ikhohomosa.+ (Selah)   E se eka lintho tse mpe tseo batho ba mpota-potileng ba li builengLi ka hlahela bona.+ 10  E se eka mashala a hlenneng a ka oela holim’a bona.+ Ba lahleloe ka mollong,Ka likoting tse tebileng*+ e le hore ba se ke ba hlola ba tsoa. 11  Motho ea etselletsang ba bang a se ke a atleha lefatšeng.+ E se eka batho ba ratang ntoa ba ka sotleha ’me ba felisoa. 12  Kea tseba hore Jehova o tla loanela ba maemong a tlase,A etse hore ba futsanehileng ba ahloloe ka toka.+ 13  Kannete ba lokileng ba tla rorisa lebitso la hao. Ba tšepahalang ba tla lula ba le haufi le uena.+

Linaletsana

Ka Seheberu: “U sireletsa hlooho ea ka.”
Kapa: “Ka likoting tsa metsi.”