Lipesaleme 73:1-28

  • Motho ea tšabang Molimo o boela a sheba lintho ka tsela e nepahetseng

    • “Maoto a ka a batlile a kheloha” (2)

    • “Ke ne ke khathatsehile letsatsi lohle” (14)

    • ‘Ho fihlela ke kena ka sehalalelong sa Molimo’ (17)

    • Ba khopo ba moo ho thellang (18)

    • Ho atamela ho Molimo ho molemo (28)

Pina ea Asafe.+ 73  Kannete Molimo o molemo ho batho ba Iseraele, ho ba lipelo li hloekileng.+  2  Ha e le ’na, maoto a ka a batlile a kheloha. Maoto a ka a batlile a thella.+  3  Ke ile ka honohela ba ikhohomosang*Ha ke bona ba khopo ba e-na le khotso.+  4  Ba shoa ba sa utloe bohloko. Ba phetse hantle ’meleng.*+  5  Ha baa khathatseha joaloka batho ba bang+Ebile ha ba sotlehe joaloka batho ba bang.+  6  Ka lebaka leo, boikhohomoso ke sefaha sa bona.+ Ntoa ke seaparo sa bona.  7  Mahlo a bona a matenya* hobane ba atlehile.* Ba finyeletse lintho tse ngata ho feta kamoo ba neng ba nahanne kateng.  8  Baa soma ebile ba bua lintho tse mpe.+ Ka boikhohomoso ba tšosa ba bang ka hore ba tla ba hatella.+  9  Ba bua joalokaha eka ba holimo leholimong,Ba tsamaea hohle lefatšeng ba bua lintho tseo ba li ratang. 10  Kahoo, batho ba Molimo* baa kheloha ba ea ho bona,Ba noa metsi a bona a mangata. 11  Ba re: “Molimo a ka tseba joang?+ Na Ea Phahameng ka ho Fetisisa o tseba lintho tsohle?” 12  Bana ke ba khopo, bao lintho li lulang li ba tsamaela hantle.+ Ba lula ba eketsa maruo a bona.+ 13  Ha ho thuse letho hore ebe ke hloekisitse pelo ea kaLe hore ebe ke hlatsoitse matsoho a ka ho bontša hore ha ke na molato.+ 14  Ke ne ke khathatsehile letsatsi lohle,+Ke khalemeloa hoseng ho hong le ho hong.+ 15  Empa haeba ke ne ke buile lintho tsena,Nka be ke bile motho ea sa tšepahaleng ho batho ba hao. 16  Ha ke leka ho utloisisa,Ke ne ke tšoenyeha 17  Ho fihlela ke kena ka sehalalelong se seholo sa MolimoKe bile ke bona bokamoso ba bona. 18  U ba beha moo ho thellang.+ U etsa hore ba oe ’me ba felisoe.+ 19  Ba tla felisoa ka ho panya ha leihlo.+ Ba tla felisoa ka potlako le ka tsela e tšosang. 20  Jehova, joalokaha motho a lebala toro ea hae ha a tsoha,Le uena ha u tsoha u tla ba lebala.* 21  Pelo ea ka e ne e le bohloko,+Ke ne ke utloile bohloko ka hare-hare.* 22  Ke ne ke sa nahane ebile ke sa utloisise. Ho uena ke ne ke tšoana le phoofolo e se nang kelello. 23  Empa hona joale ke lula ke e-na le uena. U tšoere letsoho la ka le letona.+ 24  U ntataisa ka keletso ea hao,+Ka mor’a moo, u tla nkisa khanyeng.+ 25  Ke mang ea bohlokoa ho ’na maholimong ho feta uena? Ntle ho uena, ha ho na letho leo ke le batlang lefatšeng.+ 26  ’Mele oa ka le pelo ea ka li ka felloa ke matlaEmpa Molimo o sireletsa pelo ea ka, ke lefika la ka ebile ke eena feela eo ke nang le eena* ka ho sa feleng.+ 27  Ba hole le uena ba tla felisoa. U tla felisa* bohle ba u tlohelang ka lebaka la boitšoaro bo bobe.*+ 28  Empa ha e le ’na, ho atamela ho Molimo ho ntsoela molemo.+ Ke entse Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle setšabelo sa kaHore ke bolele mesebetsi eohle ea hae.+

Linaletsana

^ Kapa: “ba ikakasang.”
^ Kapa: “limpa tsa bona li tenya.”
^ Kapa: “a ruruhile.”
^ Ka Seheberu: “nonne.”
^ Ka Seheberu: “batho ba hae.”
^ Ka Seheberu: “hloea.”
^ Ka Seheberu: “liphiong tsa ka.”
^ Kapa: “ke kabelo ea ka.”
^ Ka Seheberu: “khutsisa.”
^ Kapa: “ho se tšepahale.”