Lipesaleme 120:1-7
Pina ea ho Nyolohela Motseng.*
120 Ke ile ka llela ho Jehova ha ke le mahlomoleng+Eaba oa nkaraba.+
2 Jehova, mpholose ho ba buang leshano ka melomo ea bonaLe ho ba thetsang ka maleme a bona.
3 Uena ea thetsang ba bang, Molimo o tla u etsa’ng?
O tla u ahlola joang?+
4 U tla otloa ka metsu+ e bohale ea monna ea matlaLe ka mashala a hlenneng+ a sehlahla sa lefielo.
5 Ho malimabe ’na hobane ke lutse Mesheke ke le molichaba.+
Ke lutse litenteng tsa Kedare.+
6 Ke lutse nako e telele haholoLe batho ba hloileng khotso.+
7 Ke rata khotso empa ha ke bua,Baa ntoantša.

