Lipesaleme 90:1-17

  • Molimo o phela ka ho sa feleng ’me motho o phela nako e khutšoanyane

    • Lilemo tse sekete li tšoana le letsatsi la maobane (4)

    • Motho o phela lilemo tse 70 ho ea ho tse 80 (10)

    • “Re rute hore na re phele bophelo ba rona joang” (12)

Thapelo ea Moshe, mohlanka oa Molimo oa ’nete.+ 90  Jehova, u bile setšabelo*+ sa rona melokong eohle.   Pele lithaba li e-ba tengLe pele u bopa* lefatše le lintho tsohle tse ho lona,+Haesale u le Molimo, ha u na qalo ebile ha u na qetello.+   U khutlisetsa motho leroleng. U re: “Khutlang, lona batho.”+   Lilemo tse sekete ho uena li tšoana feela le letsatsi la maobane,+Li joaloka lihora tse seng kae bosiu.   Oa ba felisa+ ’me ba nyamela joaloka toro. Ba joaloka joang bo melang hoseng.+   Hoseng bo hlahisa lipalesa ebile boa nchafalaEmpa mantsiboea boa pona ebe boa omella.+   Re felisoa ke bohale ba hao+Ebile re tšosoa ke khalefo ea hao.   U tseba liphoso tsa rona.*+ Lintho tseo re li etsang sephiring, u li bona ka ho hlaka.+   Bophelo ba rona* boa fela hobane u re halefetseLe lilemo tsa rona li fela kapele joaloka phefumoloho. 10  Re phela lilemo tse 70Kapa tse 80+ haeba motho a le matla. Empa li tletse mathata le matšoenyeho. Li feta kapele ebe ha re sa le eo.+ 11  Ke mang ea ka utloisisang matla a bohale ba hao? Khalefo ea hao e kholo, e lekana le tsela eo re lokelang ho u tšaba ka eona.+ 12  Re rute hore na re phele bophelo ba rona joang*+Hore re tle re be bohlale. 13  Re hauhele hape hle Jehova.+ Ho tla lula ho le tjee ho fihlela neng?+ Qenehela bahlanka ba hao.+ 14  Re bontše lerato+ esale hoseng,E le hore re tle re lule re thabile+ ka matsatsi ’ohle a bophelo ba rona. 15  Re thabise ka matsatsi a lekanang le ao u re hlorisitseng ka ’ona+Le ka lilemo tse lekanang le tseo re ileng ra sotleha ka tsona.+ 16  E se eka bahlanka ba hao ba ka bona mesebetsi ea hao,Le bara ba bona ba bone matla a hao a maholo.+ 17  Jehova Molimo oa rona, e se eka u ka re hauhela,E se eka u ka atlehisa* mosebetsi oa rona. U ke u atlehise mosebetsi oa rona.+

Linaletsana

Kapa mohlomong: “sebaka se sireletsehileng.”
Kapa: “u le hlahisa joalokaha eka ke ka bohloko ba pelehi.”
Ka Seheberu: “U behile liphoso tsa rona ka pel’a hao.”
Kapa: “Matsatsi a rona.”
Kapa: “Re rute ho bala matsatsi a rona.”
Kapa: “tiisa.”