Lipesaleme 93:1-5

  • Bobusi ba Jehova bo boholo

    • “Jehova ke Morena” (1)

    • ‘Melao ea hao ea tšepahala’ (5)

93  Jehova ke Morena.+ O apere botle. Jehova o apere matla,O itlamme ka ’ona joaloka lebanta. Lefatše* le tiisitsoe ka thata,Le ke ke la sisinngoa.   Terone ea hao e ile ea tiisoa ka thata ho tloha khale.+ Haesale u le teng.+   Jehova, linoka li tletse,Li tletse ebile li etsa lerata. Li ntse li tlala le ho khahlellana.   O phahame ho feta molumo oa metsi a mangata,O moholo ho feta maqhubu a matla a leoatle,+Jehova o phahame maholimong.+   Melao* ea hao e tšepahala haholo.+ Jehova, ntlo ea hao e ntle ebile ea halalela+ ka linako tsohle.

Linaletsana

Kapa: “Naha e behang.”
Kapa: “Likhopotso.”