Lipesaleme 38:1-22
Pina ea Davida ea khopotso.
38 Jehova, u se ke oa nkhalemela u halefileKapa oa nkhalemela ka bohale.+
2 Metsu ea hao e ntlhabile ka hare-hare,Letsoho la hao le nkhateletse.+
3 ’Mele oohle oa ka oa kula ka lebaka la khalefo ea hao.
Ha ke na khotso* ka lebaka la sebe sa ka.+
4 Liphoso tsa ka li bokellane ka holim’a hlooho ea ka.+
Li nkimetse joaloka mojaro o boima haholo.
5 Maqeba a ka aa nkha ebile a tsoa bolaluKa lebaka la booatla ba ka.
6 Ke tšoenyehile ebile ke nyahame haholo.
Ke tsamaea ke hloname letsatsi lohle.
7 Ke cha ka hare.
’Mele oohle oa ka oa kula.+
8 Ke utloile bohloko haholo hoo ke seng ke sa utloe letho.
Pelo ea ka e imetsoeng e etsa hore ke lle habohloko.
9 Jehova, u tseba lintho tsohle tseo ke li lakatsang,Oa mpona ha ke utloile bohloko.
10 Pelo ea ka e otla habohloko, ke feletsoe ke matla.
Mahlo a ka ha a sa bona.+
11 Metsoalle ea ka le batho bao ke ba ratang baa nqoba ka lebaka la mahlomola a ka.
Batho bao ke ba tloaetseng haholo ba emeletse hole le ’na.
12 Ba batlang ho mpolaea ba nchehetse maraba.
Ba batlang ho ntematsa ba bua ka ho mphelisa.+
Letsatsi lohle ba loha mano a ho nthetsa.
13 Empa joaloka motho ea sa utloeng litsebeng, ke ne ke sa mamele.+
Joaloka motho ea sa khoneng ho bua, ke ne ke sa bule molomo oa ka.+
14 Ke joaloka motho ea sa utloeng,Eo molomo oa hae o sa khoneng ho ipuella.
15 Jehova, ke ile ka u emela+Eaba oa nkaraba, Jehova Molimo oa ka.+
16 Ke ile ka re: “E se eka ba ke ke ba thabaKapa ba ithorisa ha leoto la ka le thella.”
17 Ke ne ke le haufi le ho oa,Ke ne ke utloa bohloko kamehla.+
18 Ke ile ka bolela phoso ea ka.+
Sebe sa ka se ne se ntšoenya.+
19 Lira tsa ka li mahlaha-hlaha ebile li matla,*Ba ntlhoileng ntle ho lebaka ba se ba le bangata.
20 Ha ke ne ke ba etsa hantle, ba ne ba nketsa hampe.
Ba ne ba nthibela hore ke se ke ka ’na ka etsa lintho tse ntle.
21 U se ke oa ntlohela hle Jehova.
Molimo oa ka, u se ke oa ba hole le ’na.+
22 Potlaka u nthuse,Jehova, mopholosi oa ka.+

