Lipesaleme 67:1-7
Ho motsamaisi. E binoe ka liletsa tse likhoele. Pesaleme. Pina.
67 Molimo o tla re hauhela a be a re hlohonolofatse.
O tla re bontša hore oa re rata+ (Selah)
2 E le hore tsela ea hae e ka tsebahala lefatšeng lohle+Le hore lichaba tsohle li tsebe hore u mopholosi.+
3 Molimo, lichaba li ke li u rorise.
Batho bohle ba ke ba u rorise.
4 Lichaba li ke li thabe ’me li hoeletse li nyakaletse+Hobane u tla ahlola batho ka toka.+
U tla tataisa lichaba tsa lefatše. (Selah)
5 Molimo, lichaba li ke li u rorise.
Batho bohle ba ke ba u rorise.
6 Lefatše le tla hlahisa lijalo tsa lona.+
Molimo, Molimo oa rona, u tla re hlohonolofatsa.+
7 Molimo o tla re hlohonolofatsa,Batho bohle lefatšeng ba tla mo tšaba.*+
Linaletsana
^ Kapa: “hlompha.”

