Lipesaleme 48:1-14
Pina. Pesaleme ea bara ba Kora.+
48 Jehova o moholo ebile o tšoaneloa ke thoriso eohleMotseng oa Molimo oa rona, thabeng ea hae e halalelang.
2 Thaba ea Sione e hole ka leboea,E phahame haholo ebile e ntle ’me e thabeloa ke lefatše lohle,+Ke motse oa Morena e Moholo.+
3 Litoreng tsa hae tse sireletsehileng,Molimo o entse ho tsebahale hore ke setšabelo se sireletsehileng.*+
4 Marena a kopane.
A tlile ’moho hore a hlasele.
5 Ha a bona motse oo, a ile a makala.
A ile a tšoha eaba aa baleha.
6 A ile a thothomela moo,A utloa bohloko bo kang ba mosali ea belehang.
7 O soahlamanya likepe tsa Tarshishe ka moea oa bochabela.
8 Lintho tseo re li utloileng joale re li boneMotseng oa Jehova oa mabotho, motseng oa Molimo oa rona.
Molimo o tla o tiisa ka ho sa feleng.+ (Selah)
9 Molimo, re nahanisisa ka lerato la hao,+Ka tempeleng ea hao.
10 Molimo, lebitso la hao le lithoriso tsa haoLi fihla lefatšeng lohle.+
Letsoho la hao le letona le tletse ho loka.+
11 Thaba ea Sione+ e ke e thabe,Metse* ea Juda e ke e thabe ka lebaka la likahlolo tsa hao.+
12 Pota-potang Sione ka mahlakoreng ’ohle.
Le bale litora tsa eona.+
13 Hlahlobang marako a eona a tšireletso.+
Shebisisang litora tsa eona tse sireletsehilengE le hore le ka bua ka eona melokong e tlang.
14 Eo ke Molimo oa rona+ ka ho sa feleng.
O tla re tataisa ka ho sa feleng.*+

