Lipesaleme 135:1-21

  • Rorisang Jah hobane o moholo

    • Lipontšo le mehlolo Egepeta (8, 9)

    • “Lebitso la hao le lula le le teng” (13)

    • Litšoantšo tse rapeloang tse sa pheleng (15-18)

135  Rorisang Jah!* Rorisang lebitso la Jehova. Lona bahlanka ba Jehova, mo roriseng,+  2  Lona ba sebetsang ka tlung ea Jehova,Mabaleng a ntlo ea Molimo oa rona.+  3  Rorisang Jah hobane Jehova o molemo.+ Binelang* lebitso la hae lipina tsa thoriso hobane ke ntho e ntle.  4  Jah o ikhethetse Jakobo,O ikhethetse Iseraele hore e be thepa ea hae e khethehileng.*+  5  Kea tseba hore Jehova o moholo. Morena oa rona o moholo ho feta melimo e meng eohle.+  6  Jehova o etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a batlang ho e etsa+Leholimong le lefatšeng, maoatleng le libakeng tsohle tse tebileng.  7  O etsa hore maru* a nyolohe ho tsoa likhutlong tsa lefatše. O etsa lehalima* bakeng sa pula. O bulela moea moo a o koaletseng teng.*+  8  O ile a bolaea matsibolo a batho le a liphoofolo Egepeta.+  9  A etsa lipontšo le mehlolo Egepeta,+A li etsa ho Faro le ho bahlanka bohle ba hae.+ 10  O ile a bolaea lichaba tse ngata,+A bolaea le marena a matla+ 11  E leng Sihone morena oa Baamore,+Oge morena oa Bashane+Le mebuso eohle ea Kanana. 12  A fana ka naha ea bona e le lefa,A e fa sechaba sa hae sa Iseraele.+ 13  Jehova, lebitso la hao le lula le le teng. Jehova, u tla lula u tumme* le melokong eohle e tlang.+ 14  Jehova o tla loanela* batho ba hae,+O tla utloela bahlanka ba hae bohloko.+ 15  Litšoantšo tseo lichaba li li rapelang li entsoe ka silevera le khauta,Li entsoe ke batho.+ 16  Li na le melomo empa ha li bue.+ Li na le mahlo empa ha li bone. 17  Li na le litsebe empa ha li utloe. Ebile ha li khone le ho hema.+ 18  Batho ba li etsang ba tla tšoana le tsona+Le bohle ba li tšepang ba tla tšoana le tsona.+ 19  Baiseraele, rorisang Jehova. Rorisang Jehova lona ba lelapa la Arone. 20  Ba lelapa la Levi, rorisang Jehova.+ Rorisang Jehova lona ba tšabang Jehova. 21  E se eka Sione ho ka rorisoa Jehova+Ea lulang Jerusalema.+ Rorisang Jah!+

Linaletsana

^ Kapa: “Halelujah!” “Jah” ke khutsufatso ea lebitso Jehova.
^ Kapa: “Letsetsang.”
^ Kapa: “letlotlo la hae.”
^ Kapa: “moholi.”
^ Kapa mohlomong: “mekoallo ea metsi.”
^ Kapa: “matlong a polokelo.”
^ Kapa: “lebitso.” Ka Seheberu: “sehopotso.”
^ Kapa: “buella nyeoe ea.”