Lipesaleme 55:1-23
Ho motsamaisi. E letsoe ka liletsa tse likhoele. Maskile.* Pesaleme ea Davida.
55 Mamela thapelo ea ka hle Molimo,+U se ke oa iphapanyetsa ’na ha ke kopa hore u nkhauhele.*+
2 U ’mamele ka hloko ’me u nkarabe.+
Ha ke khone ho phomola hobane ke khathatsehile+Ebile ke ferekane
3 Ka lebaka la seo sera sa ka se se buangLe ka lebaka la hore ea khopo oa nkhatella.
Ba mpakela mathata a mangata,Ba nkhalefetse ebile ba ntlhoile.+
4 Pelo ea ka e utloile bohloko haholo+Ebile ke tšohile hore nka ’na ka shoa.+
5 Ke tšohile ebile kea thothomela,Kea tlakasela.
6 Ke ntse ke re: “Hoja ke ne ke e-na le mapheo joaloka leeba,Ke ne ke tla fofela moo ho sireletsehileng ke lule teng.
7 Ke ne ke tla fofela hole.+
Ke lule lefeelleng.+ (Selah)
8 Ke ne ke tla balehela sebakeng se sireletsehilengHole le moea o fokang ka matla, hole le sefefo.”
9 Ba ferekanye hle Jehova, u etse hore merero ea bona e se ke ea atleha*+Hobane ke bone lintoa motseng.
10 Bosiu le motšehare ba tsamaea marakong a oona.
Ka har’a oona ho na le lintho tse kotsi le mathata.+
11 Ho na le litsietsi ka har’a motse oo.
Mabaleng a oona ho lula ho e-na le khatello le mashano.+
12 Ha ke nyefoloe ke sera sa ka.+
Haeba ho ne ho le joalo, ke ne ke tla mamella.
Ha ke hlaseloe ke sera sa ka.
Haeba ho ne ho le joalo, ke ne ke tla ipatela sona.
13 Empa ke uena, motho ea tšoanang le ’na,*+Motsoalle oa ka eo ke mo tsebang hantle.+
14 Re ne re le metsoalle e utloanang haholo.
Re ea ntlong ea Molimo re tsamaea le batho ba bangata.
15 E se eka lira tsa ka li ka felisoa.+
E se eka li ka theohela Lebitleng* li ntse li phelaHobane ho na le bokhopo moo li lulang teng le ka lipelong tsa tsona.
16 Ha e le ’na, ke tla hoeletsa Molimo,Jehova o tla mpholosa.+
17 Mantsiboea, hoseng le motšehare ke lula ke tšoenyehile ke bile ke utloile bohloko,+O utloa lentsoe la ka.+
18 O tla mpholosa* a be a mphomotse ho ba ntoantšangHobane ke hlaseloa ke batho ba bangata.+
19 Molimo o tla ba utloa a be a ba nkele khato,+Molimo eo esale a lutse teroneng ho tloha khale.+ (Selah)Ba sa kang ba tšaba Molimo,+Ba tla hana ho fetoha.
20 O* hlasetse metsoalle ea hae.+
A fetohela selekane sa hae.+
21 Mantsoe a hae a boreleli ho feta botoro+Empa ka pelong ea hae o lakatsa ntoa.
Mantsoe a hae a thella ho feta oliEmpa a joaloka lisabole tse bohale.+
22 Lahlela moroalo oa hao ho Jehova,+O tla u tšehetsa.+
Le ka mohla a ke ke a tlohela ea lokileng hore a oe.+
23 Empa uena, Molimo, u tla ba lihela sekoting se tebileng haholo.+
Batho bao ba molato oa mali le ba leshano ba tla shoa ba ntse ba le bacha.+
Empa ha e le ’na, ke tla u tšepa.
Linaletsana
^ Kapa: “U se ke oa ipata ha ke u rapela ke kopa thuso.”
^ Kapa: “ferekanya puo ea bona.”
^ Kapa: “motho ea lekanang le ’na.”
^ Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.
^ Ka Seheberu: “ntopolla.”
^ E leng motsoalle eo ho builoeng ka eena temaneng ea 13 le ea 14.