Lipesaleme 148:1-14

  • Popo eohle e rorise Jehova

    • “Mo roriseng, lona mangeloi ’ohle a hae” (2)

    • ‘Mo roriseng, lona letsatsi, khoeli le linaleli’ (3)

    • Bacha le maqheku ba rorise Molimo (12, 13)

148  Rorisang Jah!* Rorisang Jehova le le leholimong.+ Mo roriseng le le libakeng tse phahameng.   Mo roriseng, lona mangeloi ’ohle a hae.+ Mo roriseng, lona lebotho lohle la hae.+   Mo roriseng, lona letsatsi le khoeli. Mo roriseng, lona linaleli tsohle tse khanyang.+   Mo roriseng, lona maholimo a phahameng ka ho fetisisaLe lona maru a pula a leholimong.   Lintho tsena tsohle li ke li rorise lebitso la JehovaHobane o ile a laela hore li boptjoe ’me tsa e-ba teng.+   O entse hore li lule li le teng ka ho sa feleng.+ O fane ka molao o ke keng oa felloa ke nako.+   Rorisang Jehova lona ba lefatšeng,Lona liphoofolo tse kholo tsa leoatle le metsi ’ohle a tebileng,   Lona mahalima le sefako, lehloa le maru a teteaneng,Uena sefefo se phethahatsang lentsoe la hae,+   Lona lithaba le maralla ’ohle,+Lona lifate tsa litholoana le lifate tsohle tsa kedare,+ 10  Lona liphoofolo tse hlaha+ le liphoofolo tsohle tse ruuoang,Lona liphoofolo tse hahabang le lona linonyana. 11  Mo roriseng, lona marena a lefatše le lichaba tsohle,Lona likhosana le baahloli bohle ba lefatše,+ 12  Lona bahlankana le baroetsana,Lona maqheku le lona bacha. 13  Ba ke ba rorise lebitso la Jehova,Lebitso la hae ke lona feela le phahametseng mabitso a mang ’ohle.+ Ke eena ea hlomphehang ka ho fetisisa lefatšeng le leholimong.+ 14  O tla ekeletsa batho ba hae matlaHore batho bohle ba hae ba tšepahalang ba rorisoe,E leng Baiseraele, sechaba se haufi le eena. Rorisang Jah!*

Linaletsana

Kapa: “Halelujah!” “Jah” ke khutsufatso ea lebitso Jehova.
Kapa: “Halelujah!” “Jah” ke khutsufatso ea lebitso Jehova.