Lipesaleme 109:1-31

  • Thapelo ea motho ea tšoenyehileng

    • ‘Mosebetsi oa hae o ke o nkoe ke motho e mong’ (8)

    • Molimo o sireletsa ea futsanehileng (31)

Ho motsamaisi. Pesaleme ea Davida. Pina. 109  Molimo eo ke mo rorisang,+ u se ke oa thola feela   Hobane batho ba khopo le ba leshano ba bua hampe ka ’na. Ba bua leshano ka ’na.+   Ba mpota-potile, ba bua mantsoe a hlabang,Ba ntlhasela ntle ho lebaka.+   Leha ke ba bontša hore kea ba rata, baa nqosa.+ Empa ke ntse ke rapela.   Ha ke ba etsa hantle, ba nketsa hampe+Leha ke ba bontša hore kea ba rata, baa ntlhoea.+   E se eka sera sa ka se ka ahloloa ke motho ea khopo. Mohanyetsi* a ke a eme ka letsohong la hae le letona.   A ke a fumanoe a le molato* ha a ahloloa. E se eka le thapelo ea hae e ka nkuoa e le sebe.+   A ke a phele nako e khutšoanyane.+ Mosebetsi oa hae oa ho ba molebeli o ke o nkoe ke motho e mong.+   Bana* ba hae e ke e be likhutsana*Le mosali oa hae e be mohlolohali. 10  Bana* ba hae e ke e be mekopa-kopa,E se eka ba ka batla lijo matlong a bona a senyehileng. 11  Motho ea mo kolotiselitseng a ke a mo nkele tsohle,Le balichaba ba ke ba inkele thepa ea hae. 12  E se eka ho ke ke ha e-ba le motho ea bang mosa ho eena*Kapa ea hauhelang bana ba hae ba setseng e le likhutsana.* 13  Litloholo tsa hae li ke li felisoe.+ Mabitso a tsona a ke a hlakoloe molokong o tlang. 14  Jehova a ke a hopole liphoso tsa baholo-holo ba hae,+A se ke a hlakola sebe sa ’mè oa hae. 15  E se eka Jehova a ka lula a hopola lintho tseo ba li entseng. A etse hore ba se ke ba hlola ba hopoloa lefatšeng.+ 16  Motho eo ha aa ka a ba mosa*+ ho ba bangEmpa o ile a ’na a lelekisa ba hateletsoeng,+ ba futsanehilengLe ba utloileng bohloko hore a ba bolaee.+ 17  O ne a rata ho rohaka batho empa lintho tseo li etsahaletse eena. O ne a sa rate ho hlohonolofatsa. Kahoo, le eena ha aa ka a hlohonolofatsoa. 18  O ne a apere lithohako joalokaha eka ke seaparo sa hae. Tsa tšeloa ’meleng oa hae joaloka metsiLe masapong a hae joaloka oli. 19  E se eka lithohako tsa hae li ka ba joaloka seaparo seo a ithatelang ka sona,+Li be joaloka lebanta leo a lulang a le tlamme. 20  Ena ke kotlo eo Jehova a tla e fa ea nqosang+Le ba buang hampe ka ’na. 21  Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle,Nthuse e le hore lebitso la hao le tlotlisoe.+ Mpholose hobane u lerato* haholo.+ 22  Ha ke na matla ebile ke futsanehile.+ Pelo ea ka e utloile bohloko haholo.+ 23  Bophelo ba ka bo bokhutšoanyane joaloka moriti o nyamelang. Ke tšoana le tsie e hlohloriloeng seaparong. 24  Mangole a ka aa khoehla ke ho itima lijo. Ke mosesaane ebile ke otile.* 25  Baa ntšeha.+ Ha ba mpona ba sisinya lihlooho.+ 26  Nthuse hle, Jehova Molimo oa ka. Mpholose hobane oa nthata. 27  E se eka ba ka tsebaHore ke uena Jehova ea mpholositseng. 28  E se eka ha ba nthohaka, uena u ka ntlhohonolofatsa. Ha ba ntlhasela, ba ke ba hlajoe ke lihlongEmpa e se eka ’na mohlanka oa hao nka thaba. 29  E se eka ba nqosang ba ka tlotlolleha. E se eka ba ka apareloa ke lihlong joalokaha eka ke seaparo se selelele.*+ 30  Ke tla rorisa Jehova ka pelo ea ka eohle. Ke tla mo rorisa ka pel’a batho ba bangata.+ 31  O tla sireletsa* ea futsanehilengHore a mo pholose ho ba mo ahlolang.

Linaletsana

Kapa: “Moqosi.”
Kapa: “khopo.”
Ka Seheberu: “Bara.”
Ka Seheberu: “bana ba se nang ntate.”
Ka Seheberu: “Bara.”
Kapa: “ea mo bontšang lerato le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “bana ba se nang ntate.”
Kapa: “a bontša lerato le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “lerato le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “Letlalo la ka ha le na mafura (oli).”
Kapa: “seaparo se se nang matsoho.”
Ka Seheberu: “O tla ema ka letsohong le letona la.”