Lipesaleme 143:1-12
Pina ea Davida.
143 Utloa thapelo ea ka hle Jehova.+
Nkutloe ha ke kopa thuso.
Nkarabe hobane oa tšepahala ebile u lokile.
2 Ke mohlanka oa hao,U se ke oa nqosa hobane ha ho na motho ea phelang ea se nang molato* ka pel’a hao.+
3 Ke lelekisoa ke sera.
Se nkhateletse fatše.
Se entse hore ke lule lefifing joaloka batho bao e leng khale ba shoele.
4 Ke nyahame+Ebile ke feletsoe ke matla.+
5 Ke hopola mehleng ea khale.
Ke nahanisisa* ka mesebetsi eohle ea hao.+
Ke nahanisisa ka lintho tseo u li entseng.
6 Ke phahamisetsa matsoho a ka ho uena.
Ke u hloka joaloka naha e omeletseng e hlokang metsi.+ (Selah)
7 Nkarabe ka pele hle Jehova.+
Ke feletsoe ke matla.+
U se ke oa mphuralla,+Ho seng joalo ke tla tšoana le ba theohelang lebitleng.*+
8 E se eka nka utloa e sa le hoseng hore oa nthataHobane ke u tšepile.
Ntsebise tsela eo ke lokelang ho phela ka eona+Hobane ke tla ho uena hore u ntataise.
9 Jehova, mpholose ho lira tsa ka.
Ke kopa u ntšireletse.+
10 Nthute ho etsa thato ea hao+Hobane u Molimo oa ka.
U molemo.
E se eka u ka ntataisetsa sebakeng se sireletsehileng* ka matla a hao.
11 Jehova, mpholose hore lebitso la hao le tle le rorisoe.
Mpholose matšoenyehong hobane u lokile.+
12 Felisa* lira tsa ka hobane oa nthata.*+
U felise bohle ba ntlhorisang+Hobane ke mohlanka oa hao.+
Linaletsana
^ Kapa: “ea lokileng.”
^ Kapa: “ithuta.”
^ Kapa: “sekoting.”
^ Kapa: “naheng ea ba lokileng.”
^ Ka Seheberu: “Khutsisa.”
^ Kapa: “u na le lerato le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso.