Lipesaleme 33:1-22

  • Ho rorisoe ’Mopi

    • “Mo bineleng pina e ncha” (3)

    • Popo e entsoe ka lentsoe la Jehova le ka moea oa hae (6)

    • Sechaba sa Jehova se thabile (12)

    • Leihlo la Jehova le lula le shebile (18)

33  Hoeletsang le thabile ka lebaka la Jehova, lona ba lokileng.+ Ke ntho e loketseng hore ba lokileng ba mo rorise.   Rorisang* Jehova ka harepa. Mo bineleng lithoriso ka seletsa se nang le likhoele tse leshome.   Mo bineleng pina e ncha.+ Bapalang liletsa tse likhoele hamonate, le ntse le hoeletsa le thabile.   Lentsoe la Jehova le lokile+Ebile re ka tšepa lintho tsohle tseo a li etsang.   O rata ho loka le toka.+ Lefatše le tletse lerato* la Jehova.+   Maholimo a ile a etsoa ka lentsoe la Jehova+Le lintho tsohle tse ho ’ona li entsoe ka moea* oa molomo oa hae.   O bokella metsi a leoatle joaloka letamo.+ O beha metsi a loebehlanang litorong.*   Lefatše lohle le ke le tšabe Jehova.+ E se eka baahi ba lefatše ba ka mo hlompha haholo.   O buile ’me ha e-ba joalo.+ O laetse ’me lintho tsa etsoa.+ 10  Jehova o sentse merero ea lichaba.+ O thibetse merero ea batho hore e se ke ea atleha.+ 11  Liqeto* tsa Jehova li tla ba teng ka ho sa feleng.+ Menahano ea pelo ea hae ha e fetohe ho tloha molokong o mong ho ea ho o mong. 12  Ho thaba sechaba seo Molimo oa sona e leng Jehova,+Batho bao a ba khethileng hore e be ba hae.+ 13  Jehova o sheba fatše a le leholimong. O bona bara bohle ba batho.+ 14  O sheba ba lulang lefatšengA le sebakeng seo a lulang ho sona. 15  Ke eena ea bopang lipelo tsa bohle. O hlahloba mesebetsi eohle ea bona.+ 16  Morena ha a pholosoe ke ho ba le masole a mangata.+ Monna ea matla ha a pholosoe ke ho ba le matla a maholo.+ 17  Pere e ke ke ea pholosa motho.*+ Matla a eona a maholo a ke ke a mo pholosa. 18  Leihlo la Jehova le shebile ba mo tšabang,+Ba emetseng hore a ba bontše hore oa ba rata,* 19  Hore a ba pholose lefungLe hore a ba boloke ba phela ha ho e-na le tlala.+ 20  Re lebeletse hore Jehova a re thuse. Ke mothusi oa rona le thebe ea rona.+ 21  Lipelo tsa rona li thabile ka lebaka la haeKaha re tšepile lebitso la hae le halalelang.+ 22  Jehova, e se eka u ka re bontša hore oa re rata*+Ha re ntse re u letetse.+

Linaletsana

Kapa: “Lebohang.”
Kapa: “lerato le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “moea o halalelang.”
Kapa: “matlong a polokelo.”
Kapa: “Likeletso.”
Kapa: “ea etsa hore motho a hlole.”
Kapa: “lerato le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “lerato le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso.