Lipesaleme 122:1-9
Pina ea ho Nyolohela Motseng. Pesaleme ea Davida.
122 Ke ile ka thaba ha ba re ho ’na:
“A re eeng ntlong ea Jehova.”+
2 Hona joale re eme ka har’a likeiti tsa hao,Uena Jerusalema.+
3 Jerusalema e hahiloe e le motseO nang le mehaho e atamelaneng.+
4 Maloko a nyolohetse motseng ona,Maloko a Jah,*Ho ea ka molao oo a o fileng IseraeleHore e e’o rorisa lebitso la Jehova.+
5 Literone tsa kahlolo li ne li behiloe moo,+Literone tsa litloholo tsa Davida.+
6 Kopang hore ho be le khotso Jerusalema.+
Ba e ratang ba tla sireletseha.
7 E se eka ho ka lula ho e-na le khotso motseng*Le tšireletseho e be teng litoreng tsa hao tse sirelelitsoeng ka thata.
8 Molemong oa bana beso le metsoalle ea ka ke tla re:
“E se eka u ka ba le khotso.”
9 Molemong oa ntlo ea Jehova Molimo oa rona,+Ke tla rapella hore u atlehe.

